Dipesaleme 38:1-22

  • Thapelo ya motho ya bakileng le ya utlwileng bohloko

    • “Ke tshwenyehile ebile ke nyahame haholo” (6)

    • Jehova o utlwa ba mo emelang (15)

    • “Sebe sa ka se ne se ntshwenya” (18)

Pina ya Davida ya kgopotso. 38  Jehova, o se ke wa nkgalemela o halefileKapa wa nkgalemela ka bohale.+   Metsu ya hao e ntlhabile ka harehare,Letsoho la hao le nkgateletse.+   Mmele wohle wa ka o a kula ka lebaka la kgalefo ya hao. Ha ke na kgotso* ka lebaka la sebe sa ka.+   Diphoso tsa ka di bokellane ka hodima hlooho ya ka.+ Di nkimetse jwalo ka mojaro o boima haholo.   Maqeba a ka a a nkga ebile a tswa boladuKa lebaka la bowatla ba ka.   Ke tshwenyehile ebile ke nyahame haholo. Ke tsamaya ke hloname letsatsi lohle.   Ke tjha ka hare. Mmele wohle wa ka o a kula.+   Ke utlwile bohloko haholo hoo ke seng ke sa utlwe letho. Pelo ya ka e imetsweng e etsa hore ke lle ha bohloko.   Jehova, o tseba dintho tsohle tseo ke di lakatsang,O a mpona ha ke utlwile bohloko. 10  Pelo ya ka e otla ha bohloko, ke feletswe ke matla. Mahlo a ka ha a sa bona.+ 11  Metswalle ya ka le batho bao ke ba ratang ba a nqoba ka lebaka la mahlomola a ka. Batho bao ke ba tlwaetseng haholo ba emeletse hole le nna. 12  Ba batlang ho mpolaya ba ntjhehetse maraba. Ba batlang ho ntematsa ba bua ka ho mphedisa.+ Letsatsi lohle ba loha mano a ho nthetsa. 13  Empa jwalo ka motho ya sa utlweng ditsebeng, ke ne ke sa mamele.+ Jwalo ka motho ya sa kgoneng ho bua, ke ne ke sa bule molomo wa ka.+ 14  Ke jwalo ka motho ya sa utlweng,Eo molomo wa hae o sa kgoneng ho ipuella. 15  Jehova, ke ile ka o emela+Yaba o a nkaraba, Jehova Modimo wa ka.+ 16  Ke ile ka re: “E se eka ba ke ke ba thabaKapa ba ithorisa ha leoto la ka le thella.” 17  Ke ne ke le haufi le ho wa,Ke ne ke utlwa bohloko ka mehla.+ 18  Ke ile ka bolela phoso ya ka.+ Sebe sa ka se ne se ntshwenya.+ 19  Dira tsa ka di mahlahahlaha ebile di matla,*Ba ntlhoileng ntle ho lebaka ba se ba le bangata. 20  Ha ke ne ke ba etsa hantle, ba ne ba nketsa hampe. Ba ne ba nthibela hore ke se ke ka nna ka etsa dintho tse ntle. 21  O se ke wa ntlohela hle Jehova. Modimo wa ka, o se ke wa ba hole le nna.+ 22  Potlaka o nthuse,Jehova, mopholosi wa ka.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “Ha ho na kgotso masapong a ka.”
Kapa mohlomong: “Bao e leng dira tsa ka ntle ho lebaka ba bangata.”