Buka ya Bobedi ya Bakorinthe 12:1-21

  • Dipono tsa Pauluse (1-7a)

  • “Moutlwa nameng” ya Pauluse (7b-10)

  • Pauluse o feta baapostola ba iketsang eka ba lokile (11-13)

  • Pauluse o tshwenyehile ka Bakorinthe (14-21)

12  Ke lokela ho ithorisa. Ka hoo, ke tla bua ka dipono+ tseo Morena a mpontshitseng tsona le melaetsa eo a mphileng yona+ le hoja ho etsa jwalo ho sa tlo ntswela molemo.  Ke tseba monna e mong eo e leng molatedi wa Kreste, eo dilemo tse 14 tse fetileng a ileng a nkelwa lehodimong la boraro. Ha ke tsebe hore na o ile a nkelwa lehodimong ka mmele wa hae kapa tjhe empa Modimo yena o a tseba.  Ke a mo tseba monna ya jwalo. Ha ke tsebe hore na o ile a nkwa ka mmele wa hae kapa tjhe empa Modimo ke yena ya tsebang.  Modimo o ile a mo nkela paradeiseng mme o ile a utlwa mantswe ao motho a sa lokelang ho a utlwa kapa ho a bua.  Ke tla ithorisa ka monna eo empa nke ke ka ithorisa ka nna haese hore ke ithorise ka mefokolo ya ka.  Le haeba nka ithorisa, ke tla be ke se motho ya se nang kelello hobane ke tla be ke bua nnete empa ke a ithiba e le hore le nthorise feela ka dintho tseo le di bonang ho nna le tseo le di utlwang.  Ho se ke ha eba le motho ya nthorisang haholo hobane Morena a mpha melaetsa e mengata. E le hore ke se ke ka iphahamisa, ke ile ka hlajwa ka moutlwa nameng,+ lengeloi la Satane hore le dule le nkotla.*  Ke ile ka kopa Morena ka makgetlo a mararo hore a o tlose ho nna.  Empa o ile a re ho nna: “Mosa* wa ka o o lekane ka ha matla a ka a bonahala haholo ha o fokola.”+ Ka hoo, ke tla ithorisa ka mefokolo ya ka e le hore matla a Kreste a ka dula ho nna. 10  Ke a thaba ha ke fokola, ha ke rohakwa, ha ke se na letho, ha ke hloriswa le ha ke hlahelwa ke mathata ka lebaka la Kreste hobane ha ke fokola ke hona ha ke le matla.+ 11  Ke fetohile lehlanya hobane ke lona ba ntshusumeleditseng hore ke be jwalo. Le ne le tshwanela hore ebe le mpueletse. Le haeba ke se letho, ke bontshitse ka ditsela tsohle hore ke feta baapostola bao ba lona ba iketsang eka ba lokile.+ 12  Le iponetse bopaki ba hore ke moapostola hobane ke ne ke ena le mamello,+ ke entse mehlolo, dimakatso le dintho tse sa tlwaelehang.+ 13  Tsela e le nngwe eo le sa tshwaneng le diphutheho tse ding ka yona ke hore ha ke a ba morwalo ho lona. Na ke entse phoso?+ Haeba ho jwalo, ntshwareleng. 14  Shebang, lena ke lekgetlo la boraro ke itokiseditse ho tla ho lona mme nke ke ka ba morwalo ho lona. Ha ke batle matlotlo a lona+ empa ke batla lona hobane bana+ ha ba a tshwanela ho bolokela batswadi ba bona empa batswadi ba tshwanela ho bolokela bana ba bona. 15  Ke tla thabela ho sebedisa sohle seo ke nang le sona ke be ke itele bophelo bohle ba ka molemong wa lona.+ Na le ka nthata hanyenyane feela nna ke le rata hakaale? 16  Le ha ho ka ba jwalo, ha ke a ka ka le imetsa+ empa le re ke “molotsana” ebile ke le “qhekeletse.” 17  Ha ke a ka ka sebedisa mang kapa mang eo ke mo rometseng ho lona hore ke ithuise ka lona. 18  Ke ile ka kopa Tite hore a tle ho lona a ena le ngwanabo rona e mong. Na Tite yena o ile a ithuisa ka lona?+ Re ile ra nahana le ho itshwara ka tsela e tshwanang. 19  Mohlomong le nahana hore re a ikemela empa ha ho jwalo. Ho ena le hoo, jwalo ka balatedi ba Kreste re bua nnete ka pela Modimo. Bana ba bo rona bao re ba ratang, dintho tsohle tseo re di etsang re di etsetsa ho le matlafatsa. 20  Ke tshaba hore e ka nna yaba ha ke fihla, ke tla fumana le itshwara ka tsela eo ke sa e lebellang mme le nna ke itshwara ka tsela eo le sa e lebellang. Ho ka nna ha eba le diqabang, mona, kgalefo, dikgang, ho hlabana ka mantswe,* lesebo, boikgohomoso le ho hloka taolo. 21  Mohlomong ha ke tla, Modimo o tla etsa hore ke swabe ha ke le hara lona mme ke tla llela ba ileng ba etsa dibe empa ba sa ka ba bakela diketso tsa bona tse ditshila, boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano* le ho etsa boitshwaro bo bobe ba sa swabe.*

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ntjabele.”
Kapa: “ho buana hampe.”
Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “boitshwaro bo hlabisang dihlong.” Ka Segerike ke a·sel′gei·a. Sheba Tlhaloso.