Sesotho (South Africa)
Ke ile ka Amohela Tsela eo Modimo a Ikutlwang ka Yona ka Madi
/assets/ct/28ada02fb0/images/syn_placeholder_sqr.png
brg031208
Ke ile ka Amohela Tsela eo Modimo a Ikutlwang ka Yona ka Madi

Ke ile ka Amohela Tsela eo Modimo a Ikutlwang ka Yona ka Madi

Ngaka e Pheta Pale ya Yona

KENE ke le ka phaposing ya ho ruta ha ke bolella sehlopha sa dingaka hore na mofu o bolailwe keng. Mofu o ne a e na le hlala e kgolo, ka hoo ke ile ka re: “Re ka etsa qeto ya hore mofu enwa o bolailwe ke disele tse kgubedu tse sa sebetseng hantle le diphio tse sa sebetseng hantle ka lebaka la ho tshela madi a mangata.”

Moprofesa e mong o ile a ema a halefile a re: “O leka ho re re tshetse mokudi mofuta o fosahetseng wa madi?” Ke ile ka araba ka re: “Ha se seo ke se bolelang.” Ke ile ka ba bontsha sekrine se hlahisitseng dikarolo tse nyenyane tsa phio ya mofu, yaba ke re: “Re bona lysis [disintegration] ya disele tsa madi tse kgubedu tse diphiong, ka hoo re ka etsa qeto ya hore sena ke sona se entseng hore diphio di se ke tsa sebetsa.” * Ho ile ha dubeha, yaba ke qala ho omella ka hanong. Le hoja ke ne ke le ngaka e nyenyane dilemong mme yena e le moprofesa, ke ile ka ipolella hore ha ke tl’o thola ka taba ena.

Ha tsena di etsahala, ke ne ke se Paki ya Jehova. Ke hlahetse Sendai, toropong e karolong e ka leboya ya Japane ka 1943. Ka ha ntate wa ka e ne e le pathologist le ngaka ya mafu a kelello, le nna ke ile ka ithutela bongaka. Ha ke le selemong sa bobedi sekolong sa bongaka ka 1970, ke ile ka nyala ngwananyana ya bitswang Masuko.

Ke ile ka Ithuta Pathology

Masuko o ile a sebetsa e le hore a thuse lelapa ha nna ke qetela dithuto tsa ka sekolong. Ke ne ke rata bongaka haholo. Ke ne ke hlollwa ke tsela eo mmele wa motho o bopilweng hantle ka teng, le ha ho le jwalo, ho ne ho se mohla ke nahanang hore ho na le Mmopi. Ke ne ke nahana hore ho etsa dipatlisiso ka tsa bongaka ho tla etsa hore ke thabe bophelong. Ka mora hore ke be ngaka, ke ile ka tswela pele ka dithuto tsa ka, yaba ke etsa pathology, e leng ho etsa dipatlisiso ka mefuta ya mafu, sesosa sa mafu ao le ditlamorao tsa wona.

Ha ke hlahloba ditopo tsa bakudi ba bolailweng ke mofetshe, ke ile ka qala ho ba le dipelaelo ka bohlokwa ba ho tshela madi. Bakudi ba tshwerweng ke mofetshe o seng o le kotsi ba ka fellwa ke matla ka lebaka la ho lahlehelwa ke madi a mangata. Ka ha chemotherapy e etsa hore mokudi a haellwe ke madi, hangata dingaka di kgothaletsa mokudi hore a tshele madi. Le ha ho le jwalo, ke ile ka belaela hore e ka nna yaba ho tshela madi ke hona ho etsang hore mofetshe o ate haholo. Ke ntho e tsebahalang mehleng ena hore ho tshela madi ho etsa hore mmele o se ke wa itwanela kgahlanong le mafu mme ntho ena e ka etsa hore hlala e hlahe hape, e ka ba ya fokotsa menyetla ya hore mokudi wa mofetshe a phele. *

Ka 1975, ke ile ka thulana le boemo bona bo boletsweng qalong. Moprofesa e ne e le yena ya ikarabellang mokuding enwa, nna ke ne ke le setsebi feela sa hematology. Ke ka hoo ho neng ho sa makatse hore ebe o ile a halefa hakaalo ha a utlwa hore mofu o bolailwe ke ho tshela madi. Le ha ho le jwalo, ke ile ka tswela pele ka ditaba tsa ka mme butlebutle o ile a theola maikutlo.

Bokudi le Lefu di Tla Fela

E ne e le ka yona nako ena ha mohats’a ka a etelwa ke mme ya seng a hodile wa Paki ya Jehova. O ile a sebedisa lentswe “Jehova” puisanong ya bona mme mohats’a ka o ile a mo botsa hore na lentswe leo le bolelang. Paki ena ha e mo araba e ile ya re: “Jehova ke lebitso la Modimo wa nnete.” Haesale Masuko a bala Bibele ho tloha esale ngwana empa Bibele ya hae e ne e sebedisitse “MORENA” moo ho neng ho hlaha lebitso la Modimo. Jwale o ne a se a tseba hore Modimo o na le lebitso!

Masuko o ile a qala ho ithuta Bibele le mme enwa wa Paki hanghang. Ha ke fihla hae ke tswa sepetlele ka bo hora ya pele mesong, mohats’a ka o ile a re ho nna a thabile: “Bibele e re bokudi le lefu di tla fediswa!” Ke ile ka re ho yena: “E tla ba ntho e ntle hakaakang!” O ile a boela a re: “Ka ha lefatshe le letjha le atametse, ha ke batle o senye nako ya hao.” Ke ile ka kwata hobane ke ne ke utlwa eka o re ke tlohelle mosebetsi wa ka wa ho ba ngaka. Ka hoo, lenyalo la rona le ile la qala ho ba le mathata.

Mohats’a ka ha aa ka a tela ho nkgothaletsa ho ithuta Bibele. O ne a dula a rapela Jehova hore a mo thuse ho fumana mangolo a loketseng, ebe o mpontsha wona. Ke ile ka angwa pelo ka ho kgetheha ke mantswe a hlahang ho Moeklesia 2:​22, 23 a reng: “Motho o ba le eng bakeng sa mosebetsi wohle wa hae o boima le boiteko ba pelo ya hae boo ka bona a sebetsang ka thata tlasa letsatsi? . . . Le nakong ya bosiu ho hang pelo ya hae ha e robale. Sena le sona ke lefeela-feela.” Lengolo lena le ne le hlalosa boemo ba ka hantle! Ke ne ke itela mosebetsing wa ka wa bongaka, ke sebetsa ka thata bosiu le motshehare, empa ke ne ke ntse ke sa thaba.

Hoseng ha Sontaha se seng ka July 1975, ha mohats’a ka a qeta ho tsamaya a ya Holong ya Mmuso ya Dipaki Tsa Jehova, le nna ke ile ka etsa qeto ya ho ya. Mohats’a ka o ile a makala hampe ha a mpona mme Dipaki le tsona di ile tsa nkamohela ka mofuthu. Ho tloha ka nako eo, ke ne ke ya dibokeng Sontaha se seng le se seng. Nako e ka etsang kgwedi ka mora moo, Paki ya Jehova e ile ya ithuta Bibele le nna. Ka mora dikgwedi tse tharo Dipaki Tsa Jehova di etela mohats’a ka, o ile a kolobetswa.

Ke ile ka Amohela Tsela eo Modimo a Ikutlwang ka Yona ka Madi

Ke ile ka ithuta hore Bibele e re Bakreste ba ‘ile madi.’ (Liketso 15:​28, 29; Genese 9:4) Ka ha ke ne ke se ke ntse ke e na le dipelaelo ka bohlokwa ba ho tshela madi, ha ke a ka ka ba le bothata ba ho amohela tsela eo Modimo a ikutlwang ka yona ka madi. * Ke ile ka re: ‘Haeba ho na le Mmopi mme ke seo a se buang, e tlameha ebe taba ena e nepahetse.’

Ke ile ka boela ka ithuta hore sebe seo re se futsitseng ho Adama ke sona se bakang bokudi le lefu. (Baroma 5:​12) Ka nako eo, ke ne ke ntse ke etsa dipatlisiso ka arteriosclerosis. Ha re ntse re hola, methapo ya rona e ba thata hape e ba moqotetsane mme sena se etsa hore re be le mafu a kang lefu la pelo, cerebrovascular disorders, le mafu a diphio. Ke ile ka hlakelwa hore lebaka ke hobane re futsitse ho se phethahale. Ka mora moo, tjheseho ya ka ya bongaka e ile ya fokotseha. Ke Jehova Modimo feela ya ka fedisang lefu le ho kula.

Ka March 1976, dikgwedi tse supileng ka mora hore ke qale ho ithuta Bibele, ke ile ka kgaotsa dithuto tsa ka univesithing ya sepetlele. Ke ne ke tshoha hore nke ke ka hlola ke sebetsa ke le ngaka, empa ke ile ka fumana mosebetsi sepetleleng se seng. Ke kolobeditswe ka May 1976. Ke ile ka bona hore ntho ya bohlokwa bophelong ba ka ke hore ke kenele tshebeletso ya nako e tletseng kapa ke be pulamadiboho, ka hoo ke ile ka qala ka July 1977.

Ho Buella Tsela eo Modimo a Ikutlwang ka Yona ka Madi

Ka November 1979, nna le Masuko re ile ra fallela phuthehong e Chiba Prefecture moo ho neng ho hlokahala bahweletsi. Ke ile ka fumana mosebetsi sepetleleng seo nka sebetsang ka matsatsi a itseng feela. Letsatsi la pele feela ke le mosebetsing, sehlopha sa dingaka se ile sa nkatamela. Ba ile ba re ho nna ka ho phehella: “Ka ha o Paki ya Jehova, o tlo etsa jwang haeba mokudi wa hao a hloka ho tshelwa madi?”

Ke ile ka ba araba ka tlhompho ka re “ke tla latela seo Modimo a reng ke se etse tabeng ya madi”. Ke ile ka ba hlalosetsa hore ho na le mekgwa e meng ya phekolo e sa sebediseng madi mme ka ba tiisetsa hore ke tla etsa sohle se matleng a ka ho thusa mokudi. Ka mora nako e ka etsang hora re ntse re buisana ka taba ena, mookamedi wa dingaka tse buwang bakudi o ile a re: “Ke a utlwisisa, empa haeba ho e na le mokudi ya hlokang ho tshelwa madi o tla thuswa ke rona.” Mookamedi enwa o ne a tsejwa e le motho ya sa utlwisiseng empa ka mora puisano ena re ile ra ba metswalle mme o ne a hlompha tumelo ya ka haholo.

Teko ya ho Tshela Madi

Ha re ne re sebeletsa Chiba, ho ne ho hahwa ntlo kgolo ya Dipaki Tsa Jehova ­Japane toropong ya Ebina. Re ne re ya moo hanngwe ka beke le mohats’a ka ho thusa baithaopi ba Dipaki ba hahang mohaho o bitswang Bethele ka tsa bongaka. Ka mora dikgwedi tse mmalwa, re ile ra fumana memo ya ho ilo sebeletsa Bethele e Ebina ka nako e tletseng. Ka March 1981 re ile ra dula matlong a nakwana moo ho neng ho dula baithaopi ba fetang 500. Hoseng ke ne ke thusa ho hlwekisa dibate le matlwana a kahong ebe thapama ke thusana ka tsa bongaka.

E mong wa bakudi ba ka e ne e le Ilma Iszlaub, ya neng a tlile Japane a tswa Australia e le moromuwa ka 1949. O ne a tshwerwe ke leukemia mme dingaka di ne di mo boleletse hore o saletswe ke dikgwedi tse mmalwa feela a ntse a phela. Ilma o ile a hana ho lelefatsa nako ya bophelo ba hae ka ho tshela madi mme o ile a sebedisa nako ya hae e setseng ka tsela e molemo a sebeletsa Bethele. Ka nako eo, meriana e thusang ho eketsa disele tse kgubedu tsa madi e kang erythropoietin e ne e eso be teng. Ka dinako tse ding hemoglobin e ne e eba tlase hoo e ka etsang dikrama tse tharo kapa tse nne! (Ha e nepahetse e ba 12 ho ya ho 15.) Empa ke ile ka etsa sohle se matleng a ka ho mo thusa. Ilma o ile a tswela pele a tshepahala a itshetlehile ka Lentswe la Modimo ho fihlela a hlokahala ka January 1988 e leng dilemo tse supileng hamorao!

Ka dilemo tse ngata baithaopi ba Dipaki Tsa Jehova lekaleng la Japane ba ne ba hloka ho etsa opereishene. Ka lebaka la bona, dingaka tse dipetleleng tse haufi di ne di etsa diopereishene di sa sebedise madi. Hangata ke ne ke kopuwa hore ke be teng ha diopereishene di etswa mme ka dinako tse ding ke ne ke bile ke thusa ho etsa diopereishene. Ke leboha dingaka tseo haholo ka ha di ne di hlompha tumelo ya Dipaki Tsa Jehova ya ho se tshele madi. Ho sebetsa le bona ho ne ho mpha monyetla wa hore ke ba bolelle ka tumelo ya ka. E mong wa dingaka tseo o ile a qetella a kolobeditswe mme hona jwale ke Paki.

Ntho e thabisang ke hore boiteko ba dingaka ba ho thusa Dipaki Tsa Jehova di sa tshele madi bo bile le ditholwana tse ntle haholo ho tsa bongaka. Diopereishene tse entsweng ho sa tshelwe madi ke bopaki ba hore ho na le melemo e mengata haholo ya ho qoba ho tshela madi. Dipatlisiso di bontsha hore mokudi o fola kapele hape ha a be le mathata a mangata ka mora ho etsa opereishene.

Ke Tswela Pele ho Ithuta ho Ngaka e Phahameng ka ho Fetisisa

Ke etsa hore ke dule ke le leseding ka dintlafatso tsa moraorao tse entsweng tsa bongaka. Le ha ho le jwalo, ke tswela pele ho ithuta ho Jehova, Ngaka e phahameng ka ho fetisisa. Ha a bone feela se bonahalang ponong ya batho, empa o bona ntho e nngwe le e nngwe ka rona. (1 Samuele 16:7) Ka ha ke ngaka, ha ke thusa mokudi ke batla ho mo thusa ka ntho e nngwe le e nngwe eo a e hlokang, eseng ka bokudi ba hae feela. Sena se nthusa hore ke fe mokudi kalafo eo a e hlokang.

Ke tswela pele ke sebeletsa Bethele ho thusa batho ba bang ho ithuta ka hore na Jehova o ikutlwa jwang ka madi. Ena ke e nngwe ya dintho tse nthabisang ka ho fetisisa. Ke rapella hore ngaka e phahameng ka ho fetisisa e leng Jehova, haufinyane a fedise bokudi le lefu. Ena ke pale ya ntate Yasushi Aizawa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ par. 4 Buka ya Modern Blood Banking and Transfusion Practices ya Dr. Denise M. Harmening, e re: “delayed hemo­lytic transfusion reaction” e etsahala ho “mokudi ya ileng a fuwa madi, ho moimana kapa ho mokudi ya kileng a fuwa setho sa motho e mong.” Maemong a jwalo, dithibela mafu tse thusang mokudi hore a se ke a ba kotsing ka mora hore a tshele madi “ha di bonahale ho latela mekgwa e sebediswang ya ho tshela madi.” Ho latela Dailey’s Notes on Blood, hemolysis “e ka bakwa le ke madi a manyenyane feela a sehlopha se fosahetseng . . . sa madi. Ha diphio tsa mokudi di sa sebetse mmele o ba le ditjhefo hobane diphio di sa hlwekise ditshila tse mading.”

^ par. 8 Journal of Clinical Oncology, August 1988, e ile ya re: “Bakudi ba mofetshe ba tshelwang madi nakong eo ba etswang opereishene hangata ba ba le menyetla e fokolang ya hore ba fole ho feta ba sa tshelwang madi.”

^ par. 16 E le hore o fumane dintlha tse eketsehileng ka hore na Bibele e ruta eng ka madi, bala Bukana ya Madi e hatisitsweng ke Dipaki Tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsweng]

“Ke ile ka ba hlalosetsa hore ho na le mekgwa e meng ya phekolo e sa sebediseng madi mme ka ba tiisetsa hore ke tla etsa sohle se matleng a ka ho thusa mokudi”

[Ntlha e Qolotsweng]

“Diopereishene tse entsweng ho sa tshelwe madi ke bopaki ba hore ho na le melemo e mengata haholo ya ho qoba ho tshela madi”

[Ditshwantsho]

Hodimo: O fana ka puo ya phatlalatsa

Ka letsohong le letona: O na le mohats’a hae mme Masuko