DIPOTSO TSA BIBELE DI A ARAJWA

O ka Hlola Tshabo ya Lefu Jwang?

Sesotho (South Africa)
O ka Hlola Tshabo ya Lefu Jwang?
https://cms-imgp.jw-cdn.org/img/p/502013292/univ/art/502013292_univ_sqr_xl.jpg
ijwbq sehlooho 60

O ka Hlola Tshabo ya Lefu Jwang?

O ka Hlola Tshabo ya Lefu Jwang?

Karabo ya Bibele

 Ke ho utlwahalang hore re tshabe lefu ka ha ke sera, mme re nka mehato e loketseng ho itshireletsa. (1 Bakorinthe 15:​26) Empa ho tshaba lefu ka mabaka a sa utlwahaleng a thehilweng leshanong kapa tumelakgweleng ho beha batho ‘tlasa bokgoba bophelo bohle ba bona.’ (Baheberu 2:​15) Ho tseba nnete ho tla o lokolla hore o se ke wa tshaba lefu ka tsela e feteletseng e ka o sitisang ho thabela bophelo.​—⁠Johanne 8:⁠32.

Seo e leng nnete ka lefu

  •   Bafu ha ba tsebe letho. (Pesaleme ya 146:⁠4) Ha o a lokela ho tshaba hore ha o shwele o tla utlwa bohloko kapa o tla hlokofatswa, ka ha Bibele e tshwantsha lefu le boroko.​—⁠Pesaleme ya 13:⁠3; Johanne 11:​11-​14.

  •   Bafu ba ke ke ba re ntsha kotsi. Esita le batho bao e kileng ya eba dira tse mabifi ha ‘ba na matla lefung.’ (Diproverbia 21:​16) Bibele e re “lehloyo la bona le poulelo ya bona di se di timetse.”​—⁠Moeklesia 9:⁠6.

  •   Ha se hore lefu ke qetello ya bophelo ba rona ka ho feletseng. Modimo o tla tsosa bafu hore ba boele ba phele.​—⁠Johanne 5:​28, 29; Diketso 24:⁠15.

  •   Modimo o tshepisa hore “lefu ha le sa tla hlola le eba teng.” (Tshenolo 21:⁠4) Ha e bua ka nako eo, Bibele e re: “Ba lokileng ba tla rua lefatshe, ba tla dula ho lona ka ho sa feleng,” ba se ba sa tshabe lefu.​—⁠Pesaleme ya 37:⁠29.