DIPOTSO TSA BIBELE DI A ARAJWA

Boprofeta ke Eng?

Sesotho (South Africa)
Boprofeta ke Eng?
https://cms-imgp.jw-cdn.org/img/p/502016160/univ/art/502016160_univ_sqr_xl.jpg
ijwbq sehlooho 108

Boprofeta ke Eng?

Boprofeta ke Eng?

Karabo ya Bibele

 Boprofeta ke molaetsa o tswang ho Modimo. Bibele e re baprofeta “ba ile ba bua ditaba tse tswang ho Modimo hobane ba susumetswa ke moya o halalelang.” (2 Petrose 1:​20, 21) Ka hoo, moprofeta ke motho ya buang ditaba tse tswang ho Modimo ebe o di fetisetsa ho batho ba bang.​—⁠Diketso 3:⁠18.

Modimo o ile a fa baprofeta molaetsa jwang?

 Modimo o ile a sebedisa mekgwa e mengata ho fetisetsa molaetsa wa hae ho baprofeta, e kang:

  •   Ho ba ngolla. Modimo o ile a sebedisa mokgwa ona ha nngwe ha a ne a ngolla Moshe Melao e Leshome.​—⁠Exoda 31:⁠18.

  •   Ho bua le bona a sebedisa mangeloi. Ka mohlala, Modimo o ile a sebedisa lengeloi ho fa Moshe molaetsa oo a neng a lokela ho o bolella Faro wa Egepeta. (Exoda 3:​2-4, 10) Ha Modimo a ne a hloka hore molaetsa o ngolwe fatshe, o ne a laela mangeloi hore a bolelle batho hore na ba reng, jwalo ka ha a ile a etsa ho Moshe ha a ne a re ho yena: “O ngole mantswe ana hobane ke etsa selekane le wena le Iseraele tumellanong le wona.”​—⁠Exoda 34:​27. a

  •   Dipono. Ka dinako tse ding moprofeta o ne a ka fumana dipono a ntse a sa robala. (Esaia 1:⁠1; Habakuke 1:⁠1) Dipono tse ding di ne di hlakile hoo baprofeta ba neng ba ipona ba le ho tsona. (Luka 9:​28-​36; Tshenolo 1:​10-​17) Ka dinako tse ding, moprofeta o ne a ka bona dipono a ntse a robetse. (Diketso 10:​10, 11; 22:​17-​21) Modimo o ne a boetse a fa moprofeta molaetsa wa hae ka ditoro.​—⁠Daniele 7:⁠1; Diketso 16:​9, 10.

  •   Ho susumetsa tsela eo ba nahanang ka yona. Modimo o ile a susumetsa menahano ya baprofeta hore ba fetise molaetsa wa hae. Sena ke sona seo Bibele e se buang ha e re: “Mangolo ohle a halalelang a tswa ho Modimo.” Mantswe a reng “a tswa ho Modimo” a ka boela a bolela a “buduletswe ke Modimo.” (2 Timothea 3:​16; Phetolelo ya Lefatshe le Letjha) Modimo o ile a sebedisa moya wa hae o halalelang kapa matla ao a a sebedisang ho etsa dintho, ho “budulela” menahano ya hae ho baprofeta ba hae. Le hoja baprofeta ba ne ba ikgethela mantswe ao ba a sebedisang empa molaetsa o ne o tswa ho Modimo.​—⁠2 Samuele 23:​1, 2.

Na ka mehla boprofeta bo bua ka dintho tse tla etsahala?

 Teng ke nnete hore boholo ba molaetsa wa Modimo bo bua ka dintho tse tla etsahala le ha e se ka tsela e tobileng empa boprofeta ba Bibele ha bo bue feela ka dintho tse tla etsahala. Ka mohlala, baprofeta ba Modimo ba ne ba kgalemela Baiseraele hangata ka dintho tse mpe tseo ba di etsang. Dikgalemelo tseo di ne di thusa Baiseraele ho bona hore haeba ba mamela, ba ne ba tla hlohonolofatswa empa haeba ba kgetha ho se mamele, dintho di ne di tla ba tsamaela hampe. (Jeremia 25:​4-⁠6) Qeto eo Baiseraele ba neng ba tla e etsa e ne e tla bontsha hore na ba ne ba batla hore dintho di ba tsamaele jwang.​—⁠Deuteronoma 30:​19, 20.

Mehlala ya moo boprofeta ba Bibele bo sa bueng ka dintho tse tla etsahala

  •   Ka lekgetlo le leng ha Baiseraele ba ne ba kopa Modimo hore a ba thuse, o ile a romela moprofeta ho ba hlalosetsa hore ha a ba thusa ka ha le bona ba hanne ho mamela melao ya hae.​—⁠Baahlodi 6:​6-​10.

  •   Ka le leng ha Jesu a bua le mosadi wa Mosamaria, o ile a bua ka dintho tse mo etsahalletseng tseo e tlamehang ebe o di tsebile hobane a thusitswe ke moya o halalelang. Mosadi eo o ile a nka Jesu e le moprofeta le hoja a ne a sa bue ka dintho tse tla etsahala.​—⁠Johanne 4:​17-​19.

  •   Ha Jesu a ne a tlo bolawa, dira tsa hae di ile tsa mo kwahela sefahleho, tsa mo otla yaba di re ho yena: “Profeta hore na ke mang ya o otlileng.” Dira tseo di ne di sa re Jesu a di bolelle hore na ho tla etsahalang empa di ne di batla a di bolelle hore na ke mang ya mo otlileng a thuswa ke moya o halalelang.​—⁠Luka 22:​63, 64.

a Le hoja ho ne ho bonahala eka Modimo o buile le Moshe ka ho toba tabeng ena, Bibele e bontsha hore Modimo o sebedisitse mangeloi ho fana ka selekane sa Molao wa Moshe.​—⁠Diketso 7:​53; Bagalata 3:⁠19.