Feta

BATJHA BA A BOTSA

Na ke Phoso ha Batho ba Bong bo Tshwanang ba Ratana?

Na ke Phoso ha Batho ba Bong bo Tshwanang ba Ratana?

 David ya dilemo di 23 o re: “Ha ke ntse ke hola, ke ne ke rata batho ba bong bo tshwanang le baka. Ho ne ho le thata ho sebetsana le ntho ena. Qalong ke ne ke nahana hore ke boikutlo bo tla feta empa boikutlo boo bo ntse bo eba teng.”

 David ke Mokreste mme o batla ho kgahlisa Modimo. Na a ka kgahlisa Modimo ha ka nako e tshwanang a ntse a eba le maikutlo a lerato ho batho ba bong bo tshwanang le ba hae? Modimo o ikutlwa jwang ha batho ba ratana le batho ba bong bo tshwanang le ba bona?

 Bibele e reng?

 Maikutlo a batho ka ho ratana ha batho ba bong bo tshwanang a ka fapana ho ya ka ditso kapa ho ya ka hore na motho o phela mehleng efe. Bakreste ha ba ye le maikutlo a tlwaelehileng a batho ebile ha ba iswe “kwana le kwana ke moya o mong le o mong wa thuto.” (Baefese 4:​14) Maikutlo a Bakreste ha ho tluwa tabeng ya ho ratana ha batho ba bong bo tshwanang (le ha ho tluwa tabeng ya tsela eo batho ba lokelang ho itshwara ka yona,) a tataiswa ke Bibele.

 Maikutlo a Modimo a hlakile ha ho tluwa tabeng ya ho ratana ha batho ba bong bo tshwanang. Lentswe la Hae le re:

  •  “O se ke wa robala le e motona ho tshwana le ha o robala le mosadi.”​—Levitike 18:22.

  •  ‘Ka hona, tumellanong le ditakatso tsa dipelo tsa bona, . . . Modimo o ba neheletse ditakatso tsa botona kapa tsa botshehadi tse tlotlollang, kaha ba batshehadi ba bona ba fetotse tshebediso ya bona ya tlhaho hore e be e kgahlanong le tlhaho.’​—Baroma 1:​24, 26.

  •  “Le se ke la kgeloswa. Le ha e le dihlola, kapa barapedi ba ditshwantsho, kapa bafebi, kapa banna ba boloketsweng merero eo e seng ya tlhaho, kapa banna ba robalang le banna, kapa mashodu, kapa batho ba meharo, kapa matahwa, kapa ba ditlhapa, kapa bahanyapetsi ba ke ke ba rua mmuso wa Modimo.”​—1 Bakorinthe 6:​9, 10.

 Melao ya Modimo e etseditswe batho bohle ebang ba rata batho ba bong bo tshwanang le ba bona kapa tjhe. Motho e mong le e mong o lokela hore a ithibe haeba a na le boikutlo bo ka etsang hore a etse dintho tse sa kgahliseng Modimo.​—Bakolose 3:5.

 Na seo se bolela . . . ?

 Na seo se bolela hore Bibele e re re hloye digay?

 Ha ho jwalo. Ha e le hantle, Bibele ha e kgothalletse hore re hloye mang kapa mang ebang o ratana le motho wa bong bo tshwanang le ba hae kapa tjhe. Ho fapana le seo, Bibele e re kgothalletse ho ba le “kgotso le batho bohle” ho sa tsotellehe hore na ba phela jwang. (Baheberu 12:​14) Ka hoo, ho fosahetse ho kgahlapetsa, ho hloya kapa ho tshwara batho ba ratanang le batho ba bong bo tshwanang le ba bona hampe.

 Na seo se bolela hore Bakreste ba lokela ho hanyetsa melao e dumellang lenyalo la batho ba bong bo tshwanang?

 Bibele e ya re bolella hore lenyalo le lokela ho ba pakeng tsa monna a le mong le mosadi a le mong. (Matheu 19:​4-6) Ka lehlakoreng le leng, melao eo batho ba e entseng ka manyalo a batho ba bong bo tshwanang e amana le polotiki eseng boitshwaro. Bibele e re Bakreste ha ba a lokela kena kenana le dipolotiki. (Johanne 18:​36) Ka hoo, ha ba buelle kapa hona ho hanyetsa melao ya mmuso e amanang le manyalo a batho ba bong bo tshwanang kapa ho ratana ha batho ba bong bo tshwanang.

 Hothweng haeba . . . ?

 Hothweng haeba hona jwale motho a ntse a ratana le motho wa bong bo tshwanang le ba hae? Na a ka kgona ho fetoha?

 Ho jwalo. Mehleng ya phutheho ya pele ya Bokreste, ho na le batho ba ileng ba kgona ho fetoha. Bibele e ile ya bolela hore batho ba ratanang le batho ba bong bo tshwanang le ba bona ba ke ke ba rua Mmuso wa Modimo. Ka mora moo e ile ya re: “Ke seo ba bang ba lona ba neng ba le sona.”​—1 Bakorinthe 6:11.

 Na seo se bolela hore batho ba neng ba tlwaetse ho ratana le batho ba bong bo tshwanang le ba bona ba ne ba se ba sena boikutlo boo ho hang? Ha ho jwalo. Bibele e re: “Le ikapese botho bo botjha, boo ka tsebo e nepahetseng bo ntseng bo ntjhafatswa.” (Bakolose 3:​10) Ho nka nako hore motho a fetohe.

 Hothweng haeba motho ya batlang ho mamela melao ya Modimo a ntse a ena le boikutlo ba ho ratana le batho ba bong bo tshwanang le ba hae?

 E le hore boikutlo ba ho ratana le batho ba bong bo tshwanang bo se ke ba hola, motho o lokela ho qoba ho nahana kapa ho etsa dintho tse tla qetella di mo susumelleditse hore a be le boikutlo boo. A ka etsa seo jwang? Bibele e re: “Le nne le tsamaye ka moya mme ho hang le ke ke la phetha takatso ya nama.”​—Bagalata 5:16.

 Hlokomela hore temana eo ha e re motho a ke ke a ba le takatso eo hohang. Empa motho a ka ba le matla a ho lwantsa ditakatso tseo haeba a bala bibele a bile a rapela ka mehla.

 David eo ho buuweng ka yena qalong o ile a bona hore sena ke nnete. Ntho e ileng ya mo thusa hape ke ho bua le batswadi ba hae ba Bakreste ka bothata ba hae. O re: “Ke ile ka utlwa ke imolohile haholo ebile ke nahana hore nka be ke ile ka thabela botjha ba ka haholo haebe ke ne ke ile ka bua le bona ho tloha qalong.”

 Taba ya bohlokwa ke hore re thaba le ho feta ha re mamela melao ya Jehova. Re kgodisehile hore ditaelo tsa hae “di lokile, di thabisa pelo” ebile “ho di boloka ho na le moputso o moholo.”​—Pesaleme 19:​8, 11.