Feta

Dipaki Tsa Jehova di Tadima Tlhalo Jwang?

Dipaki Tsa Jehova di Tadima Tlhalo Jwang?

 Re mamela melao ya Bibele mabapi le lenyalo le tlhalo. Modimo o entse lenyalo hore e be tlamo ya ka ho sa feleng pakeng tsa monna le mosadi. Lebaka le le leng feela leo Bibele e le dumellang hore motho a ka hlala ke haeba molekane e mong a entse bofebe.​—Matheu 19:​5, 6, 9.

Na Dipaki Tsa Jehova di fana ka thuso ho malapa a nang le mathata manyalong a ona?

 E, ka ditsela tse sa tshwaneng:

Na baholo ba lokela ho dumellana le Paki haeba e batla ho hlala?

 Tjhe. Esita le haeba baholo ba ka thusa banyalani ba nang le mathata a tebileng, ba ke ke ba bolella banyalani bao hore ba lokela ho nka qeto efe. (Bagalata 6:5) Le ha ho le jwalo, haeba motho a kgetha ho hlala molekane wa hae empa a se na mabaka a Bibele a mo dumellang ho etsa jwalo, a ke ke a ba le ditokelo ka hara phutheho ebile Bibele ha e mo dumelle hore a ka nyala hape.​—1 Timothea 3:​1, 5, 12.

Dipaki Tsa Jehova di tadima karohano jwang?

 Bibele e kgothalletsa banyalani hore ba dule mmoho esita le haeba maemo e se ao ba neng ba a lebelletse. (1 Bakorinthe 7:​10-​16) Mathata a mangata a ka kgona ho lokiswa haeba banyalani ba rapela ka tiyo, ba sebedisa dikeletso tsa Bibele ebile ba bontshana lerato.​—1  Bakorinthe 13:​4-8; Bagalata 5:​22.

 Le ha ho le jwalo, ho na le maemo a fetelletseng ao ho ona Mokreste a ka nkang qeto ya hore o arohana le molekane wa hae:

  •   Haeba molekane e mong a sa hlokomele lelapa.​—1 Timothea 5:8.

  •   Haeba molekane e mong a otla e mong.​—Pesaleme ya 11:5.

  •   Haeba molekane e mong a o sitsisa ho sebeletsa Modimo. Ka mohlala, molekane e mong a ka nna a leka ho qobella Paki ya Jehova ho tlola molao wa Modimo ka tsela e itseng, molekane ya tshosetswang a ka nna a nka qeto ya hore ba arohane e le ha a batla ho “mamela Modimo e le mmusi ho e na le batho.”​—Liketso 5:​29.