Feta

Ke Hobaneng ha Dipaki Tsa Jehova di sa Kenelle Meketeng ya Setjhaba?

Ke Hobaneng ha Dipaki Tsa Jehova di sa Kenelle Meketeng ya Setjhaba?

 Dipaki Tsa Jehova di hlompha mebuso le matshwao a naha. Re a tseba hore batho ba bang ba ka etsa boitlamo ba ho tshepahalla naha, ho dumedisa folakga kapa ho bina pina ya setjhaba.

 Le ha ho le jwalo, Dipaki Tsa Jehova ha di kenelle dinthong tseo hobane di dumela hore ha di dumellane le seo Bibele e se rutang. Re a thaba ha ba bang ba hlompha seo re se dumelang jwalo ka ha le rona re hlompha seo ba se dumelang.

Sehloohong see

 Bibele e re rutang?

 Dithuto tsena tse pedi tse latelang di ama diqeto tseo re di nkang:

  •   Modimo ke yena feela ya lokelang ho rapelwa. Bibele e re: “Ke Jehova Modimo wa hao eo o lokelang ho mo rapela ebile ke yena feela eo o lokelang ho mo sebeletsa.” (Luka 4:8) Mantswe ao batho ba a sebedisang ha ba ikana ho tshepahalla naha le dipineng tsa setjhaba, a bontsha hore ho itella naha ke hona ho tlang pele ho bona ho feta dintho tse ding tsohle. Ka hoo, letswalo la bona ha le ba dumelle ho kenella meketeng e jwalo.

     Dipaki Tsa Jehova di nka ho dumedisa folakga e le mokgwa o mong wa ketso ya borapedi oo Bibele e sa dumellaneng le wona. (1 Bakorinthe 10:14) Borahistori ba bang ba re difolakga tsa naha ke matshwao a bodumedi. Rahistori e mong ya bitswang Carlton J.H.Hayes o ile a re: “folakga ke letshwao le ka sehloohong le bontshang hore botjhaba ke bodumedi.” a Mongodi Daniel P. Mannix ha a bua ka Bakreste ba pele o ile a re: “Bakreste ba ne ba hana ho etsetsa baemphera ba Roma mahlabelo, eleng se tshwanang le ho dumedisa folakga kajeno.” b

    Le hoja Dipaki Tsa Jehova di sa dumedise folakga, ha di e senye, ha di e tjhese kapa ho hlompholla folakga kapa letshwao le leng le le leng la naha.

  •   Batho bohle ba a lekana mahlong a Modimo. (Diketso 10:34, 35) Bibele e re Modimo “o entse hore ditjhaba tsohle di tswe ho motho a le mong le hore di dule lefatsheng.” (Diketso 17:26) Ka lebaka lena, Dipaki Tsa Jehova di dumela hore ho fosahetse ho tlotlisa setjhaba se seng ho feta tse ding. Re hlompha batho bohle, ho sa tsotellehe hore na ba tswa hokae kapa ba dula hokae.​—1 Petrose 2:17.

 Haeba re qobellwa ke molao ho nka karolo

 Dipaki Tsa Jehova ha di kgahlanong le mmuso. Re dumela hore mebuso e teng hobane e le karolo ya “seo Modimo a se thehileng.” (Baroma 13:1-7) Re boetse re dumela hore Bakreste ba lokela ho ikokobelletsa bolaodi.​—Luka 20:25.

 Jwale re lokela ho etsang haeba melao ya naha e hanana le ya Modimo? Ka dinako tse ding, ho a kgoneha ho kopa mmuso hore o fetole melao ya wona. c Ha seo se sa kgonehe, Dipaki Tsa Jehova ka boikokobetso di kgetha ho ‘mamela Modimo eseng batho.’​—Diketso 5:29.

 Na Dipaki Tsa Jehova di nka karolo dinthong tse amanang le dipolotiki?

 Tjhe. Dipaki Tsa Jehova ha di nke lehlakore ditabeng tsa dipolotiki le tsa setjhaba. Ha re sa etse kano ya ho tshepahalla naha, re sa dumedise folakga kapa ho bina pina ya setjhaba ha ho bolele hore re baitseki ba dipolotiki. Ho ena le hoo, re latela thuto ya Bibele eo re e dumelang mabapi le mekete e jwalo.

a Essays on Nationalism leqhepheng la 107-108.

b The Way of the Gladiator, leqhepheng la 212.