Feta

Dipaki Tsa Jehova di Ikutlwa Jwang ka Thuto?

Dipaki Tsa Jehova di Ikutlwa Jwang ka Thuto?

 Tsela eo re ikutlwang ka yona ka thuto e itshetlehile ka melaomotheo ya Bibele. Motho e mong le e mong eo e leng Paki ya Jehova o sebedisa letswalo la hae le kwetlisitsweng ke Bibele ho hlahloba hore na a ka sebedisa melaomotheo ya Bibele jwang dinthong tse latelang. a

 Thuto e bohlokwa

 Thuto e thusa motho hore a be le “bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana,” e leng makgabane ao Bibele e a kgothalletsang. (Liproverbia 2:​10, 11; 3:​21, 22) Ho feta moo, Jesu o ile a bolella balatedi ba hae hore e be mesuwe ya dintho tseo a ba laetseng tsona. (Matheu 28:​19, 20) Le ha ho le jwalo, re kgothalletsa le ho thusa barapedi mmoho le rona hore ba ithute ho etsa dintho tse fapaneng tse akarelletsang ho bala, ho ngola le ho buisana le batho ba bang,  b ha mmoho le ho ba le tsebo ka madumedi a mang le setso.​—1 Bakorinthe 9:​20-22; 1 Timothea 4:13.

 Mebuso e boetse e bona bohlokwa ba thuto mme e kgothalletsa batjha hore ba kene sekolo ho tloha poraemari ho ya secodary kapa high school. Re ikokobelletsa melao e jwalo e dumellanang le taelo e na e reng: ‘Motho e mong le e mong a ke a ipehe tlasa balaodi ba phahameng,’ kapa mebuso. (Baroma 13:1) Ho ekelletsa moo, re kgothalletsa bana ba rona hore ba ye sekolong le hore ba sebetse ka thata mme ba se ke ba thabela feela ho fumana dimaraka tse nyane empa ba fumane dimaraka tse ntle. c Jwalo ka ha Lentswe la Modimo le bontsha le re: “Eng kapa eng eo le e etsang, le e sebetse ka moya wohle jwalo ka ha eka le sebeletsa Jehova, eseng batho.”​—Bakolose 3:​23, Good News Translation.

 Thuto e re thusa hore re hlokomele ba malapa a rona. Bibele e re: “Haeba le ha e le mang a sa lokisetse hore ho be le dintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae, mme haholoholo bakeng sa ditho tsa lelapa la hae, o latotse tumelo mme o mobe ho feta motho ya se nang tumelo.” (1 Timothea 5:8) Ho ithuta sekolong ho ka re thusa hore re phethe boikarabelo ba rona bo halalelang ba ho hlokomela ba malapa a rona. The World Book Encyclopedia e re, morero wa thuto ke ho “thusa batho hore e be ba sebetsang ka thata setjhabeng . . . le ho ba basebetsi moruong wa naha.” Motho ya nang le tsebo le ya rutehileng a ka kgona ho ikemisetsa ho nka boikarabelo ba ho hlokomela lelapa la hae ho feta motho ya sa rutehang le ya se nang tsebo.​—Liproverbia 22:​29.

 Batswadi ba thusa bana ba bona hore e be batho ba hodileng mme thuto e phahameng e ke ke ya ba thusa tabeng eo. (2 Bakorinthe 12:​14) Re kgothalletsa batswadi hore ba thuse bana ba bona hore ba rutehe le hoja ba dula dibakeng tseo ho ithuta eseng mahala, ho leng thata hore ba ithute kapa ho leng kgahlanong le ditso tsa bona. d Re boetse re fana ka ditlhahiso tsa hore ke jwang batswadi ba ka thusang bana ba bona hore ba ithute. e

 Thuto e lokela ho nkwa ka tsela e nepahetseng

 Re sheba ka hloko hore na re tla kgetha ho etsa thuto ya mofuta ofe. Bibele e re: “Mang kapa mang ya se nang phihlelo o beha tumelo lentsweng le leng le le leng, empa ya masene o nahana ka mehato ya hae.” (Liproverbia 14:​15) Re sebedisa molaomotheo ona ho hlahloba ka hloko hore na re batla ho etsa thuto efe le hore na ho etsa thuto eo ho tla re batla tjhelete e kae le hore na bohlokwa ba yona ke bofe. Ka mohlala, ho kgetha thuto e sa nkeng nako e telele (Kapa dilemo tse ngata) ho ka re bolokela nako.

 Ho ithuta melaomotheo wa Bibele ho bohlokwa ho feta thuto e phahameng. Ho fapana le thuto e phahameng, thuto e thehilweng Bibeleng e re thusa hore re be le tsebo ka Modimo e leng se tla pholosa bophelo ba rona. (Johanne 17:3) E boetse e re ruta bohlokwa ba boitshwaro e leng “ho loka le kahlolo le bokgabane, tsela yohle ya se molemo.” (Liproverbia 2:9) Moapostola Pauluse o ne a na le thuto eo re ka e bapisang le e phahameng kajeno, empa o ne a tseba “bohlokwa bo fetisisang ba tsebo ya Kreste Jesu.” (Bafilipi 3:8; Liketso 22:3) Ka tsela e tshwanang, le kajeno Dipaki Tsa Jehova tse ngata di fumane thuto e phahameng empa le ha ho le jwalo di ntse di dumela hore thuto e thehilweng Bibeleng ke ya bohlokwa ka ho fetisisa. f

Dithuto tse thehilweng Bibeleng di re ruta melao e lokileng ya boitshwaro

 Thuto e phahameng e ka lebisa boitshwarong bo bobe kapa ya beha tumelo ya motho kotsing

 Maele (mantswe) a Bibele a re: “Ya masene ke ya boneng tlokotsi mme a ipata.” (Liproverbia 22:3) Dipaki Tsa Jehova di nka hore ho qeta nako e ngata diyunivesithing kapa dibakeng tse ding tsa thuto e phahameng, seo se ka ama boitshwaro ba motho le tumelo ya hae. Ka lebaka leo, Dipaki Tsa Jehova di kgetha ho se ipehe boemong boo kapa hona ho beha bana ba tsona teng. Di ikutlwa eka dibakeng tsena tsa thuto e phahameng ke moo maikutlo ana ao e seng ona a kang ana a latelang a kgothalletswang teng:

  •   Maikutlo a fosahetseng: Tjhelete e tlisa thabo le tshireletso

     Hangata ho kgothalletswa hore thuto e phahameng ke yona e etsang hore motho a fumane mosebetsi o patalang tjhelete e ngata, ka hoo baithuti ba bangata ba ya diyunivesithi e le hore ba kgone ho fumana mosebetsi o patalang tjhelete e ngata. Ba bang ba dumela hore tjhelete e tla ba tlisetsa thabo le hore ba sireletsehe mme Bibele e bontsha hore ho ba le boikutlo bo jwalo ha ho na molemo. (Moeklesia 5:​10) Ha bohlokwa le ho feta, Bibele e ruta hore “lerato la tjhelete ke motso wa mefuta yohle ya dintho tse mpe” mme e ka senya tumelo ya motho. (1 Timothea 6:​10) Dipaki Tsa Jehova di etsa sohle seo di ka se kgonang e le hore di se ke tsa hohelwa ke “matla a thetsang a maruo.”​—Matheu 13:22.

  •   Maikutlo a fosahetseng: Motho a ka kgetha thuto e phahameng e le hore a tume le ho hlomphuwa

     Ka mohlala, Nika Gilauri eo e neng e le tona kgolo ya Georgia, o ile a ngola mabapi le ka moo batho ba sebakeng sa habo ba neng ba bona dintho ka teng, o ile a re: “Ho fumana dikri yunivesithing mona Georgia ke ntho eo motho a tlamehang ho e etsa e le hore a ka hlahella. . . . [Nakong e fetileng,] batjha ba neng ba sa fumane dikri ba ne ba nkwa ba swabisa ba malapa a bona.” g Ho feta moo, Bibele e re hlokomedisa hore re se ke ra batla botumo lefatsheng lena. Jesu o ile a bolella baetapele ba bodumedi ba mehleng ya hae ba neng ba ipatlela thoriso a re: “Le ka dumela jwang, ha le rorisana?” (Johanne 5:​44) Ho qeta nako e ngata o le yunivesithi ho ka etsa hore motho a ikgohomose, e leng seo Modimo a se hloileng.​—Liproverbia 6:​16, 17; 1 Petrose 5:5.

  •   Maikutlo a fosahetseng: Motho e mong le e mong o lokela ho ikgethela hore na ke se fe se nepahetseng le hore na ke se fe se fosahetseng

     Dipaki Tsa Jehova di mamela melao ya Modimo mabapi le se nepahetseng le se fosahetseng. (Esaia 5:​20) Le ha ho le jwalo, ho latela sehlooho se hlahang ho Journal of Alcohol and Drug Education, e bontsha hore kgatello ya dithaka diyunivesithing e etsa hore baithuti ba bangata ba “etse diqeto tse sa dumellaneng le seo ba se tsebang mabapi le se nepahetseng le se fosahetseng.” h Taba ena e dumellana le molaomotheo wa Bibele o reng: “Ditlwaelano tse mpe di senya mekgwa e metle.” (1 Bakorinthe 15:​33) Hangata dibakeng tsa yunivesithi ho etswa dintho tseo Modimo a sa di rateng, tseo batho ba bang ba di nkang e le tse tlwaelehileng ebile e le tse kgothalletswang, tse jwalo ka botawa, ho sebedisa dithethefatsi le ho etsa thobalano pele ho lenyalo.​—1 Bakorinthe 6:​9, 10; 2 Bakorinthe 7:1.

  •   Maikutlo a fosahetseng: Thuto e phahameng ke yona tsela e molemo ya ho ntlafatsa lefatshe

     Re hlokometse hore batho ba bang ba batla thuto e phahameng eseng hobane ba batla maruo, botumo kapa ho etsa boitshwaro bo bobe, empa ba etsa sena hobane ba batla ho ntlafatsa bophelo ba bona le lefatshe. Ho molemo ho batla ho etsa dintho tsena, empa Dipaki Tsa Jehova di kgethile ho etsa se fapaneng. Jwalo ka Jesu, re nka Mmuso wa Modimo e le ona fela o ka lokisang mathata a batho. (Matheu 6:​9, 10) Le ha ho le jwalo, ha re dule feela e be re emela Mmuso wa Modimo mohlang o tlang hore o tlo lokisa mathata a lefatshe. Ho e na le hoo, jwalo ka Jesu re bolella batho ‘ditaba tse molemo tsa Mmuso’ lefatsheng lohle, ho thusa batho ba bangata selemo le selemo hore ba fetole tsela eo ba phelang ka yona. i​—Matheu 24:14.

a Batjha ba Dipaki Tsa Jehova ba ntseng ba dula hae, ba mamela seo batswadi ba bona ba se batlang mabapi le thuto ha feela e se kgahlanong le melao ya Modimo.​—Bakolose 3:20.

b Ho feta moo, re hatisitse dikopi tsa dingolwa tse fetang dimillione tse 11 tse kang ya Ikitlaetse ho Bala le ho Ngola mme re ile ra ba le di tlelase tsa ho bala le ho ngola tsa mahala lefatsheng lohle ka dipuo tse 120. Dipakeng tsa 2003 le 2017, re ile ra ruta batho ba ka bang 70 000 ho bala le ho ngola.

c Sheba sehlooho se reng “Na ke Lokela ho Tlohella Sekolo?

d Ka mohlala, re kgothalletsa batswadi hore ba ise bana ba bona sekolong ho sa tsotellehe hore na ke ngwanana kapa moshemane. Sheba sehlooho se reng “Na Ngwana wa ka o Lokela ho Kena Sekolo?” Makasineng wa Molula-Qhooa wa March 15, 2003.

f Ho jw.org sheba karolo e reng “Dintlha Tsa Qaleho ya Bophelo.

g Practical Economics: Economic Transformation and Government Reform in Georgia 2004​—2012, leqephe 170.

h Volume 61, No. 1, April 2017, leqephe 72.

i Ho jw.org sheba karolo ya “Bibele e Fetola Batho” ho fumana mehlala ya nnete e bontshang ka moo Bibele le molaetsa wa Mmuso di leng matla ka teng.