Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | TŠENOLO 1–3

“Ke Tseba Diketso Tsa Hao”

“Ke Tseba Diketso Tsa Hao”

1:20; 2:1, 2

  • “Dinaledi tse supileng”: Baholo ba tlotsitsweng ha mmoho le baholo bohle ba phutheho

  • “Ka letsohong la [Jesu] le letona”: Jesu o laola dinaledi, o na le matla hodima tsona ebile o a di tataisa. Haeba e mong sehlopheng sa baholo a hloka ho kgalemelwa, Jesu o tla tiisa hore sena se etsahala ka nako ya hae le ka tsela ya hae

  • “Didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng”: Diphutheho tsa Bokreste. Feela jwalo ka ha didulwana tsa mabone tse tabernakeleng di ne di hlahisa lesedi, diphutheho tsa Bokreste di hlahisa lesedi la nnete le tswang ho Modimo. (Mat 5:14) Jesu o ‘tsamaya hara’ didulwana tsa mabone ka kutlwisiso ya hore o lebela mesebetsi yohle e etswang ka diphuthehong