Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Leka ho Fumana Dintlha Kaofela

Leka ho Fumana Dintlha Kaofela

Ha o bala ditlaleho tsa Bibele, leka ho fumana dintlha kaofela. Batla dintlha tse potolohileng taba le batho ba amehang moo mme o batle mabaka ao e ka nnang yaba ba ile ba etsa dintho tseo ba di entseng ka wona. Nahana ka dintho tse neng di le teng moo, modumo o neng o le teng le monko wa sebaka seo, mme o nahane hore batho ba neng ba le teng moo ba ne ba ikutlwa jwang.

SHEBELLA KAROLO YA VIDEO E RENG NTLAFATSA TSELA EO O ITHUTANG BIBELE KA YONA, EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • E ka nna yaba ke mabaka afe a neng a etsa hore ba lelapa la bo Josefa ba se ke ba utlwana?

  • E ka nna yaba ke mabaka afe a neng a etsa hore barababo Josefa ba itshware ka tsela eo ba neng ba itshwere ka yona ntle le ho nahana ka ditlamorao?

  • Ke eng seo re se hlokomelang ka Bibeleng ka ntate wa Josefa e leng Jakobo?

  • Jakobo o ile a ruta bara ba hae thuto efe ya bohlokwa mabapi le ho rarolla diqabang?

  • O ithutileng videong ee?