Ditaba Tsa Bophelo ba Jesu le Tshebeletso ya Hae

Ithute haholwanyane ka Mora wa Modimo le Mopholosi wa moloko wa batho e leng Jesu Kreste, divideong tsena.

Karolo ya Pele: Lesedi la Nnete la Lefatshe

Batho ba tla pholoswa jwang sebeng seo ba se futsitseng ho Adama? Mesia ke yena feela ya ka ba pholosang.

Karolo ya Bobedi: “Enwa ke Mora wa ka”

Johanne Mokolobetsi o lokisa tsela bakeng sa Mesia. Bona diketsahalo tse ikgethang tse bontshang qaleho ya tshebeletso ya Jesu lefatsheng.

Karolo ya Boraro: “Ke Yena”

Jesu o bolella Nikodemase, mosadi wa Mosamaria le batho ba sebakeng sa habo sa Nazaretha hore ke Mesia. Batho ba fokolang ba dipelo di ntle ba dumela ho yena. Ka mora hore Jesu a etse mohlolo o ikgethang, o mema batshwasi ba ditlhapi ba ikokobeditseng hore ebe balatedi ba hae.