Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 52

Boinehelo ba Bokreste

Boinehelo ba Bokreste

(Baheberu 10:7, 9)

  1. 1. Lefatshe le lehodimo

    Le tsohle ho tsona,

    Jehova o di bopile,

    Di entswe ke yena.

    O neile tsohle bophelo,

    Mme o re bontshitse

    Hore o lokela ho bokwa,

    A be a kgumamelwe.

  2. 2. Jesu o kolobeditswe

    Ho phetha ho loka.

    A rapela Ntate a re:

    ‘Ke etsa thato’a hao.’

    Ha a tswa metsing Jordane

    Ya ba motlotsuwa,

    A sebetsa ka botshepehi,

    ‘Ho etsa thato ya Jah.’

  3. 3. Re tla ho wena Jehova,

    Ho o halaletsa.

    Re inehela ka hohle,

    Re itella wena.

    O fane ka Mora wa hao,

    Ho tla re lokolla.

    Mme ha re sa tla iphelela,

    Re tla phelela wena.