Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 14

Rorisang Morena e Motjha wa Lefatshe

Rorisang Morena e Motjha wa Lefatshe

(Pesaleme ya 2:12)

  1. 1. Letshwele le tswang ditjhabeng

    le bokane hammoho,

    Le bokeletswe ke Kreste

    le batlotsuwa ba hae.

    Mmuso wa Jah oa busa;

    Re rapella thato ya hae.

    Re na le tshepo e thabisang,

    E re fang le matshediso.

    (CHORUS)

    Rorisang Jehova Rorisang Mora wa hae

    Hobane ke ba phahameng.

    A re kopaneng bo hle re ise

    Tlotla boreneng ba hae.

  2. 2. Re rorisa Jesu Kreste

    ka ho bina ka thabo.

    Kgosana ena ya Kgotso

    e tla tlisa poloko.

    Re lebeletse ho bona

    Ho se na tshabo lefatsheng;

    Hotla tsoswa le ba robetseng,

    Ho be le thabo e kgolo!

    (CHORUS)

    Rorisang Jehova Rorisang Mora wa hae

    Hobane ke ba phahameng.

    A re kopaneng bo hle re ise

    Tlotla boreneng ba hae.