Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 117

Jehova o Molemo

Jehova o Molemo

(2 Likronike 6:41)

  1. 1. Jehova Modim’a rona,

    O molemo hakaakang!

    Ebile o’a halalela,

    O tshepeha kamehla!

    O molemo tseleng tsohle.

    O a re hauhela.

    Re tla dula re’o rapela

    Hoba o’a tshwaneleha.

  2. 2. Molemo wa hao Jehova

    O bonwa bathong ba hao.

    Re bona kamoo ba rutang

    le boitshwaro ba bona.

    Molemo wa thuto ya hao

    O fihla fatsheng lohle.

    Re rapella moya wa hao

    Hore re be molemo.

  3. 3. Ka lapeng le ka phuthehong

    Le hohle moo re leng teng

    A re etseng se molemo,

    Re kopa o re thuse.

    Hlo’nolofatsa molemo

    Oo re’o etsetsang ba bang.

    A re nneng re tswele pele

    Ka moya oo o motle.