Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 104

Moya o Halalelang ke Mpho ya Modimo

Moya o Halalelang ke Mpho ya Modimo

(Luka 11:13)

  1. 1. Mmusi, Jehova, Ntate ya mohau,

    O tseba dipelo tsa rona.

    Ke wena feela ya ka re thusang.

    O re tshedise ka moya wa hao.

  2. 2. Ha ho motho ya sa etseng phoso;

    Ka nako tse ding re’a kgeloha.

    Ntate, re’a kopa: Re tataise

    Ka moya wa hao o halalelang.

  3. 3. Ha re fokola mme re nyahame,

    Moya wa hao o’a re ntjhafatsa.

    Re fe matla a jwalo ka a ntsu.

    Re kopa o re fe moya wa hao.