Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona.”​—Jakobo 4:8

Na Modimo o Utlwa Dithapelo Tsa Rona?

Na Modimo o Utlwa Dithapelo Tsa Rona?

Na o kile wa ipotsa hore na Modimo o utlwa dithapelo tsa hao? Haeba ho jwalo, ha se wena feela. Batho ba bangata ba kile ba rapela Modimo ka mathata a itseng. Le ha ho le jwalo, ba ile ba nna ba tswela pele ba na le mathata ao. Na seo se bolela hore Modimo ha a mamele dithapelo tsa rona? Tjhe. Bibele ya re kgodisa hore Modimo o a re mamela haeba re mo rapela ka tsela e nepahetseng. A re boneng hore na Bibele e reng.

MODIMO O MAMETSE.

“Wena Ya Utlwang thapelo, batho ba nama yohle ba tla tla ho wena.”​—Pesaleme ya 65:2.

Batho ba bang ba rapela hobane ba re ho rapela ho etsa hore ba ikutlwe betere le hoja ba dumela hore ha hona motho ya ba mametseng. Empa thapelo ha se ntho eo re e etsang hore feela re ikutlwe betere e le hore re sebetsane le mathata a rona. Bibele e a re kgodisa hore “Jehova * o haufi le bohle ba ipiletsang ho yena, bohle ba ipiletsang ho yena ka nnete. . . . O tla utlwa mohoo oa bona o kopang thuso.”​—Pesaleme ya 145:18, 19.

Re ka kgodiseha hore Jehova o utlwa dithapelo tsa bahlanka ba hae. Ka lerato o re: “Le tla mpitsa mme le tlo nthapela, mme ke tla le mamela.”​—Jeremia 29:12.

MODIMO O BATLA HORE O MO RAPELE.

“Phehellang thapelong.”​—Baroma 12:12.

Ka Bibeleng re kgothalletswa hore re ‘rapele re sa kgaotse’ le hore re “tswele pele ho rapela nako e nngwe le e nngwe.” Ho hlakile hore Jehova Modimo o batla hore re mo rapele.​—Matheu 26:41; Baefese 6:⁠8.

Ke hobaneng ha Modimo a batla hore re mo rapele? Nahana ka sena: Ke ntate ofe ya ke keng a thaba ha ngwana wa hae a mo kopa thuso? Ke nnete hore ntate e ka nna yaba o a tseba hore na ngwana wa hae o hloka eng le hore o ikutlwa jwang, empa ha a utlwa a mo kopa thuso, seo se etsa hore a bone hore o a mo tshepa. Ka tsela e tshwanang, ha re rapela Jehova, re bontsha hore re a mo tshepa le hore re batla ho ba metswalle ya hae.​—Liproverbia 15:8; Jakobo 4:8.

MODIMO O A O TSOTELLA.

‘Lahlelang matshwenyeho ohle a lona ho yena, hobane o a le tsotella.’​—1 Petrose 5:7.

Modimo o batla hore re mo rapele hobane o a re rata ebile o a re tsotella. O tseba ntho e nngwe le e nngwe ka mathata ao re nang le ona le dintho tse re tshwenyang mme o batla ho re thusa.

Bophelong bohle ba hae, Morena Davida o ile a rapela Jehova hore a mo thuse mme a mo bolella hore na o ikutlwa jwang le hore o nahanang. (Pesaleme ya 23:1-6) Modimo o ne a ikutlwa jwang ka Davida? Modimo o ne a rata Davida mme a mamela thapelo e nngwe le e nngwe eo a neng a e etsa. (Liketso 13:22) Ka tsela e tshwanang, Modimo o mamela dithapelo tsa rona hobane o a re tsotella.

“KE A RATA HOBANE JEHOVA O UTLWA LENTSWE LA KA”

Ao ke mantswe a mongodi e mong wa dipesaleme a tswang ka Bibeleng. O ne a tseba hore Modimo o mametse dithapelo tsa hae mme seo se ile sa mo thusa haholo. O ile a ikutlwa a le haufi le Modimo mme a fumana matla a hore a sebetsane le mathata a hae le ho hlokahallwa.​—Pesaleme ya 116:1-9.

Ha re ka kgodiseha hore Modimo o utlwa dithapelo tsa rona, re tla tswela pele ho mo rapela. Nahana ka mohlala wa Pedro ya dulang Spain ka leboya. Mora wa hae ya dilemo di 19 o ile a hlokahala kotsing ya koloi. Pedro o ile a bolella Modimo ka moo a utlwileng bohloko ka teng mme a rapela ka makgetlo hore a mo tshedise le ho mo tshehetsa. Ho ile ha etsahalang ka mora moo? O re: “Jehova o ile a arabela dithapelo tsa ka a sebedisa Bakrestemmoho le nna, ka hore ba re tshedise le ho re tshehetsa nna le mosadi wa ka.”

Hangata dikarabo tsa dithapelo tsa rona re di fumana ka matshediso le tshehetso ya metswalle ya rona e re ratang

Le hoja dithapelo di sa ka tsa kgutlisa mora wa Pedro, di ile tsa thusa lelapa la hae haholo. Mosadi wa hae María Carmen o re: “Thapelo e ile ya nthusa hore ke mamelle bohloko ba ho lahlehelwa ke ngwana. Ke ne ke tseba hore Jehova Modimo o a nkutlwisisa hobane ha ke ne ke mo rapela, ke ne ke utlwa ke na le kgotso ebile ke ne ke kgona ho kgoba matshwafo.”

Bibele le dintho tse ileng tsa etsahalla batho ba bang, di a bontsha hore Modimo o utlwa dithapelo tsa rona. Ebile di boetse di bontsha hore Modimo ha a mamele dithapelo tsohle. Hobaneng ha Modimo a arabela dithapelo tse ding empa tse ding a sa di arabe?

^ par. 5 Jehova ke lebitso la Modimo.​—Pesaleme ya 83:18.