TORA YA HO LEBELA—E ITHUTWANG November 2018

Makasine ena e na le dihlooho tse tla ithutwa ho tloha ka la 31 December 2018 ho ya ho la 3 February 2019.

“Reka Nnete Mme o se ke wa e Rekisa”

Ho reka nnete ho bolelang? Re ka tshwarella nneteng eo re e fumaneng jwang?

“Ke Tla Tsamaya Nneteng ya Hao”

Re ka ntafatsa boikemisetso ba rona ba ho tshwarella ka tiyo nneteng eo Jehova a re rutileng yona jwang?

Tshepa Jehova Mme o Phele.

Boprofeta ba Habakuke bo re kgodisa hore ho a kgonahala hore re kgobe matshwafo ho sa tsotellehe mathata ao re kopanang le ona.

Ke Mang ya Susumetsang Tsela eo o Nahanang ka Yona?

Ke jwang o ka susumetswang ke menahano ya Jehova e seng ya batho?

Na o Nahana ka Tsela e Tshwanang le eo Jehova a Nahanang ka Yona?

Ho bolelang ‘ho fetola kelello ya rona,’ hona re ka etsa seo jwang?

Mosa, Tholwana eo re ka e Bontshang ka Diketso le Dipolelo

Mosa ke tholwana ya moya wa Modimo o halalelang. Re ka ba le tholwana eo jwang?

Dipotso Tse Tswang Ho Babadi

Ba Tswelang Molemo bao Jesu a buileng ka bona bosiung ba pele a hlokahala ke bo mang, hona ke hobaneng ha ba ne ba bitswa jwalo?

Ke Mpho Efe eo re ka e Fang Jehova?

Ke dintho dife tsa bohlokwa tse boletsweng ho Liproverbia 3:9, hona re ka di sebedisa jwang borapeding ba nnete?