TORA YA HO LEBELA—E ITHUTWANG January 2018

Makasine ena e na le dihlooho tse tla ithutwa ho tloha ka la 26 February ho ya ho la 1 April 2018.

BA ILE BA ITLHAHISA KA HO RATA

Ba ile ba Itlhahisa ka ho Rata Madagascar

Kopana le ba bang ba bahweletsi ba ileng ba eketsa tshebeletso ya bona ka ho ya bolela ditaba tse Madagascar.

“O Fana ka Matla ho ya Kgathetseng”

Ha bofelo bo ntse bo atamela, re ka lebella hore mathata a rona a tla eketseha le ho feta. Temana ya rona ya selemo sa 2018 e re hopotsa hore Jehova o tla re fa matla ha re a hloka.

Sehopotso se re Thusa ho ba le Bonngwe

Sehopotso se tiisa bonngwe ba rona jwang jwalo ka batho ba Modimo? Ho tla tshwarwa Sehopotso sa ho qetela neng?

Ke Hobaneng ha re fa Jehova Menehelo?

Tsela e nngwe e bontshang hore re rata Modimo ke ka ho mo fa dintho tsa rona tsa bohlokwa. Re rua molemo jwang ha re fa Jehova dintho tsa rona tsa bohlokwa?

Ke Lerato la Mofuta Ofe le Tlisang Thabo ya Sebele?

Lerato leo ho buuang ka lona ho 2 Timothea 3:​2-⁠4 le fapane jwang le ho rata Modimo? Dikarabo tsa dipotso tsena di tla re kgotsofatsa ebile di tla etsa hore re fumane thabo ya sebele.

Phapang Pakeng Tsa Batho ba Sebeletsang Jehova le ba sa mo Sebeletseng

Ho na le phapang efe pakeng tsa makgabane ao batho ba Modimo ba a bontshang le a o re a bonang ho batho ba matsatsing aa a bofelo?

Na o ne o Tseba?

Na Baiseraele ba boholoholo ba ne ba sebedisa melaomotheo ya Molao oo Modimo a neng a ba file ona a sebedisa Moshe ha ba sebetsa dinyewe?