Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na o ne o Tseba?

Na o ne o Tseba?

Ke hobaneng ha baditjhaba e ne e le karolo ya sesole sa Morena Davida?

SESOLENG sa Morena Davida, ho ne ho ena le banna bao e neng e se Baiseraele ba kang Zeleke wa Moamone, Uria wa Mohethe le Ithma wa Momoabe. a (1 Dikron. 11:​39, 41, 46) Hara masole a Davida ho ne ho boetse ho ena le ‘Bakerethe, Bapelethe le Bagathe.’ (2 Sam. 15:18) Ho bonahala eka Bakerethe le Bapelethe ba ne ba amana haholo le Bafilista. (Ezek. 25:16) Bagathe e ne e le baahi ba motse wa Bafilista o bitswang Gathe.—Josh. 13:​2, 3; 1 Sam. 6:​17, 18.

Ke hobaneng ha Davida a ile a dumella baditjhaba baa hore e be masole a hae? Ke hobane o ne a kgodisehile hore ba a mo tshepahalla le hore haholoholo ba tshepahalla Jehova. Ka mohlala, The New Interpreter’s Dictionary of the Bible ha e bua ka Bakerethe le Bapelethe e re: “Ba ile ba tshepahalla Davida nakong e thata ka ho fetisisa ya puso ya hae.” Ba ile ba bontsha jwang hore ba a mo tshepahalla? Ha “banna bohle ba Iseraele” ba tlohela ho latela Morena Davida mme ba latela “monna ya neng a le dikgathatso eo lebitso la hae e leng Sheba,” Bakerethe le Bapelethe ba ile ba dula ba tshepahalla Davida mme ba mo thusa ho lwantsha borabele ba Sheba. (2 Sam. 20:​1, 2, 7) Ka lekgetlo le leng, mora wa Morena Davida ya bitswang Adonija o ile a leka ho inkela borena boo e neng e tla ba ba Solomone. Le ha ho le jwalo, Bakerethe le Bapelethe ba ile ba dula ba tshepahalla Davida mme ba mo thusa ho hlomamisa Solomone e le mohlahlami wa hae hobane e ne e le yena eo Jehova a mo kgethileng.—1 Mar. 1:​24-27, 38, 39.

Moditjhaba e mong ya ileng a dula a tshepahalla Davida haholo ke Itai wa Mogathe. Itai le masole a hae a 600 ba ile ba thusa Morena Davida ha mora wa hae Absalome a ne a leka ho etsa hore banna ba Iseraele ba mo thuse ho inkela borena ka mahahapa. Qalong, Davida o ile a re Itai a se ke a ya le yena ntweng hobane e ne e le moditjhaba. Empa Itai o ile a re: “Ke hlapanya ka Jehova Modimo ya phelang le ka morena ka ya phelang hore nna mohlanka wa hao ke tla ya hohle moo o yang teng morena ka mme ke ikemiseditse ho shwa le wena.”—2 Sam. 15:​6, 18-21.

Itai o ne a tshepahalla Davida, morena ya tlotsitsweng wa Jehova

Le hoja Bakerethe, Bapelethe le Bagathe e ne e le baditjhaba, ba ne ba nka Jehova e le Modimo wa nnete mme ba nka Davida e le motlotsuwa wa Jehova. E tlameha ebe Davida o ne a ananela haholo taba ya hore ebe o na le banna ba tshepahalang hakaalo ka lehlakoreng la hae.

a Molao wa Modimo o fumanehang ho Deuteronoma 23:​3-6 o ne o thibela Baamone le Bamoabe hore e be karolo ya phutheho ya Iseraele. Le ha ho le jwalo, ho bonahala eka molao ona o ne o thibela baditjhaba bana ho ba le ditokelo tsohle tsa molao tseo baahi ba nang le tsona empa o ne o sa ba thibele hore ba dule le setjhaba sa Modimo. Sheba buka ya Insight on the Scriptures, Volume 1, leq. 95.