Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Bibele e re ho hlokeha dipaki tse pedi ho tiisa taba. (Num. 35:30; Deut. 17:6; 19:15; Mat. 18:16; 1 Tim. 5:19) Empa tlasa molao, ha monna a ne a betile ngwanana ya lebeleditsweng “tshimong” mme ngwanana eo a be a hweletsa, o ne a sa tlo ba le molato wa bofebe empa monna eo o ne a le molato. Ka ha batho ba bang ba ne ba sa bona ha sena se etsahala, ke hobaneng ha ngwanana eo a ne a sena molato empa monna eo a le molato?

Ntho e ka sehloohong eo Deuteronoma 22:25-27 e buang ka yona, ha se ho tiisa taba ya hore monna ke yena ya molato hobane tlalehong ena, monna o se a ntse a le molato. Empa molao ona o ne o tiisa taba ya hore mosadi ha a na molato. Hlokomela taba eo lengolo lena le buang ka yona.

Deuteronoma 22:23, 24 e bua ka monna ya ileng a etsa thobalano “motseng” le mosadi ya lebeleditsweng. Ka ho etsa jwalo, o ne a le molato wa bofebe ka ha mosadi ya lebeleditsweng o ne a nkwa a nyetswe. Jwale hothweng ka mosadi eo? Ha a ka “a hweletsa motseng.” Haeba a ne a hweleditse, batho ba bang ba ka be ba mo utlwile mme ba mo sireletsa. Empa ka ha ha a hweletsa, o ne a dumellana le se etsahalang. Ka hoo ka bobedi ba ne ba le molato wa bofebe.

Ditemaneng tse latelang, molao o bua ka boemo bo fapaneng: “Le ha ho le jwalo, haeba monna a fumane ngwanana ya lebeleditsweng a le tshimong, yaba monna eo wa mo tshwara mme o robala le yena, monna ya robetseng le yena o tla shwa a le mong, mme o se ke wa etsa ngwanana eo letho. Ngwanana eo ha a na sebe se lokelwang ke lefu, hobane feela jwalo ka ha monna a tsohela wa habo matla mme a mo bolaya, a bolaya moya, ho jwalo le tabeng ena. Etswe o mo fumane tshimong. Ngwanana ya lebeleditsweng o ile a hweletsa, empa ho ne ho se ya mo pholosang.”​—Deut. 22:25-27.

Boemong bona, baahlodi ba ne ba kgolwa mosadi eo. Ka tsela efe? Ho ne ho nkwa hore o ile “a hweletsa, empa ho ne ho se ya mo pholosang.” Ka hoo o ne a sa etsa bofebe. Le ha ho le jwalo, monna eo o ne a le molato wa peto le bofebe ka ha o ile a “mo tshwara mme o robala le yena.”

Ka hoo, molao ona o ne o tiisa taba ya hore mosadi eo ha a na molato, ka ha tlaleho ena e bontsha monna eo a le molato wa peto le bofebe. Re ka kgodiseha hore baahlodi ba ne ba tla ‘batla le ho batlisisa mme ba botsisise,’ ebe ka mora moo ba etsa qeto e thehilweng melaomotheong e hlakileng eo Modimo a ileng a fana ka yona ka makgetlo.​—Deut. 13:14; 17:4; Ex. 20:14.