Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE YA BOPHELO

Ke ile ka Thabela ho Sebetsa le Batho ba Ratang Modimo

Ke ile ka Thabela ho Sebetsa le Batho ba Ratang Modimo

DILEMONG tsa bo 1930, batswadi ba ka e leng James le Jessie ba ile ba fallela motseng wa Bronx o New York City. Ba ile ba kopana le Willie Sneddon ya neng a tswa Scotland, e leng moo ba neng ba dula teng pele. Hang feela ha ba qeta ho kopana ba ile ba qoqa ka malapa a bona. Seo se etsahetse dilemo tse mmalwa pele ke hlaha.

Mme o ile a bolella Willie hore pele ho Ntwa ya Pele ya Lefatshe, ntatemoholo le malome ba ile ba hlokahalla sekepeng se ileng sa otlwa ke bomo. Yaba Willie o re: “Ntate wa hao o diheleng!” Willie e ne e le Paki ya Jehova mme ke ka tsela eo mme a thotseng nnete ya Bibele ka yona.

Willie le Liz Sneddon

Mme o ile a kwatiswa ke seo Willie a se buileng kaha o ne a tseba hore ntatemoholo e ne e le motho ya lokileng. Empa Willie a re: “O ka reng ha nkare ho wena Jesu le yena o ile a ya diheleng?” Mme o ile a hopola e nngwe ya dithapelo tse ngotsweng tsa kerekeng, e neng e re Jesu o ile a theohela diheleng mme a tsoswa ka tsatsi la boraro. Yaba wa ipotsa: ‘Haeba dihele ke sebaka seo ho hlokofatswang batho ba kgopo ho sona, ke hobaneng ha Jesu a ile a ya teng?’ Mme o ile a qala ho ba le thahasello ya ho ithuta Bibele. O ile a qala ho ya dibokeng tsa phutheho ya Bronx mme a kolobetswa ka 1940.

Senepe sa ka le mme le sa ka le ntate

Ka nako eo, dibokeng ho ne ho sa buuwe hakaalo ka taba ya hore batswadi ba rute bana ba bona Bibele. Ha ke sa le ngwana, ntate o ne a sala le nna ha mme a ya tshimong le dibokeng. Ka mora dilemo tse seng kae, nna le ntate re ile ra qala ho ya dibokeng le mme. O ne a tjhesehela tshebeletso ya tshimo haholo hape a na le batho ba bangata bao a ithutang Bibele le bona. O ne a bile a ruta ba bang e le sehlopha hobane e ne e le baahisane. Ha ke se ke kena sekolo, ke ne ke ya le yena tshimong ha dikolo di kwetswe. Kahoo ke ile ka ithuta dintho tse ngata ka Bibeleng ka ba ka ithuta ho bua tshimong.

Ka maswabi, ke ne ke sa nkelle Bibele hloohong ka nako eo. Le ha ho le jwalo, ha ke le dilemo tse ka bang 12, ke ile ka ba mohweletsi ya sa kolobetswang. Ke kolobeditswe ha ke le dilemo tse 16 ka la 24 July 1954, kopanong e neng e tshwaretswe Toronto e Canada.

HO SEBELETSA BETHELE

Phuthehong ya rona ho ne ho na le batho ba neng ba sebeletsa Bethele le ba neng ba sebeleditse teng nakong e fetileng. Ke ithutile ho hongata mohlaleng wa bona. Ke ne ke tsota tsela eo ba neng ba bua le ho hlalosa Bibele ka yona. Le hoja matitjhere a ka a ne a nkgothalletsa ho ya yunivesithi, nna ke ne ke batla ho ya Bethele. Kahoo, ha ke le kopanong ka 1954 ke ile ka etsa kopo ya ho ya sebeletsa Bethele. Ke ile ka etsa kopo e nngwe hape ka 1955 kopanong e neng e tshwaretswe setediamong sa Yankee, New York City. Ka la 19 September 1955, ke ile ka memelwa ho sebeletsa Bethele e Brooklyn mme ke ne ke le dilemo tse 17 ka nako eo. Ka letsatsi la bobedi ke le moo, ke ile ka qala ho sebetsa moo ho kopanywang dibuka. Ke ne ke sebetsa ka motjhining o neng o kopanya maqephe a 32 a dikarolo tsa buka.

Ke ile ka qala ho sebetsa Bethele e Brooklyn ha ke le dilemo tse 17

Ka mora kgwedi ke ile ka fuwa mosebetsi Lefapheng la Dimakasine kaha ke ne ke tseba ho thaepa. Bara le baradibabo rona ba ne ba etsa ditempe tse nang le diaterese tsa batho ba neng ba entse dipeheletso tsa Tora ya ho Lebela le Fadimehang! Dikgwedi tse mmalwa ka mora moo, ke ile ka sebetsa lefapheng le romelang dingolwa diphuthehong. Molebedi wa lefapha leo, Klaus Jensen, o ile a nkopa hore ke tsamaye le motho ya neng a tsamaisa dibuka ka teraka ho di isa boemakepe, e leng dibuka tse neng di lokela ho romelwa dinaheng tse ding. Ho ne ho boetse ho na le dimakasine tse ngata tseo re neng re lokela ho di isa posong e le hore diphutheho tsohle tse United States di ka di fumana. Morabo rona Jensen o ile a re mosebetsi oo wa ho kuka mabokose le disaka tsa dibuka o ne o tla ntswela molemo. Ka nako eo ke ne ke le boima ba dikhilokrama tse 57 feela, mme ke otile haholo. Morabo rona Jensen o ne a nepile! Maeto a ho isa dibuka boemakepe a ile a feela nkwetlisa.

Lefapha la Dimakasine le ne le boetse le hlophisa diodara tsa dimakasine tse tswang diphuthehong. Kahoo ke ne ke tseba hore na mona Brooklyn, ke dipuo dife tseo re printang dimakasine tse yang dinaheng tse ding ka tsona. Le hoja ke ne ke so ka ke utlwa ha dipuo tseo di buuwa, ke ne ke thabiswa ke ho tseba hore re romela dimakasine tse dikete tse mashome dibakeng tse hole. Ke ne ke sa tsebe hore hamorao ke ne ke tla fumana monyetla wa ho etela dibakeng tseo.

Ke na le Robert Wallen, Charles Molohan, le Don Adams

Ka 1961 ke ile ka abelwa ho sebetsa ofising ya diakhaonte, e neng e okametswe ke Morabo rona Grant Suiter. Ka mora dilemo tse mmalwa, ke ile ka bitsetswa ofising ya Morabo rona Nathan Knorr, ya neng a etelletse mosebetsi wa lefatshe lohle pele ka nako eo. O ile a re e mong wa barababo rona ya neng a sebetsa ofising ya hae o ne a tlo ya Sekolong sa Tshebeletso sa Mmuso, ebe ha a kgutla teng o iswa Lefapheng la Tshebeletso. Ke ile ka abelwa ho nka sebaka sa mora eo wabo rona le hore ke sebetse le Morabo rona Don Adams. Ho thahasellisang ke hore Don ke morabo rona ya ileng a amohela fomo ya ka kopanong ka 1955, ha ke ne ke etsa kopo ya ho sebeletsa Bethele. Barababo rona ba bang ba babedi, Robert Wallen le Charles Molohan, ba ne ba se ba ntse ba sebetsa ofising eo. Re le bane jwalo, re ile ra sebetsa hammoho dilemo tse ka hodimo ho tse 50. Ho sebetsa le banna ba nang le tumelo jwalo ka bana ho entse hore ke thabe haholo.​—Pes. 133:1.

Ke ile ka qala ka ho etela lekala la Venezuela ka 1970

Ho tloha ka 1970, ke ile ka abelwa hore ke etele diofisi tsa lekala tsa mokgatlo nako le nako ka mora selemo kapa tse pedi. Kabelo ena e ne e akarelletsa ho etela malapa a Bethele le baromuwa lefatsheng ka bophara, e le hore nka fana ka kgothatso le ho hlahloba mosebetsi wa diofisi tsa lekala. Ke ile ka thaba haholo ha ke kopana le ba ileng ba ya ditlelaseng tsa pele tsa Sekolo sa Gileade, ba neng ba ntse ba tshwere ka thata dikabelong tsa bona dinaheng tse ding. E bile tokelo ho nna ho etela dinaheng tse fetang 90 ha ke ntse ke etsa mosebetsi ona.

Ho bile monate ho etela barababo rona dinaheng tse fetang 90!

KE FUMANE MOLEKANE YA TSHEPAHALANG

Bohle ba neng ba sebeletsa Bethele e Brooklyn ba ile ba abelwa diphuthehong tse New York City. Nna ke ile ka iswa phuthehong e neng e le motseng wa Bronx. Phutheho ya moo e ile ya hola hoo e ileng ya arolwa. Phutheho ya pele ya Bronx jwale e ne e se e bitswa Upper Bronx, e leng moo ke neng ke kopanela teng.

Dilemong tsa bo 1965, lelapa la Dipaki le tswang naheng ya Latvia, le neng le se le dula ka borwa ho Bronx, le ile la fallela tshimong ya phutheho ya rona. Moradi e moholo wa lalepa leo e leng Livija, e ile ya eba pulamadiboho hang feela ha a qeta sekolo. Dikgwedi tse mmala ka mora moo, o ile a ya tlhokahalong sebakeng se bitswang Massachusetts. Ke ile ka qala ho mo ngolla mangolo ke mo qoqela ka dintho tse etsahalang ka phuthehong mme le yena o ne a nqoqela ka tshimo ya moo Boston.

Ke eme le Livija

Dilemo tse seng kae ka mora moo, Livija o ile a kgethwa hore ebe pulamadiboho e kgethehileng. O ne a batla ho sebeletsa Jehova ka matla a hae ohle, yaba o kenya kopo ya ho sebeletsa Bethele, mme ka 1971 a amohelwa. Ho ne ho bonahala eka Jehova o ne a mo atametsa ho nna! Re ile ra nyalana ka la 27 October 1973, mme Morabo rona Knorr o ile a re behela puo ya lenyalo. Liproverbia 18:22 e re: “Na motho o fumane mosadi ya molemo? O fumane ntho e molemo, mme o fumana kamohelo e tswang ho Jehova.” Hona jwale re na le dilemo tse fetang 40 re sebeletsa Bethele. Hape re ntse re tshehetsa phutheho ya mona Bronx.

KE SEBETSA MMOHO LE BARA BABO KRESTE

Kannete ho sebetsa le Morabo rona Knorr e ne e le tlhohonolofatso. O ne a sebeletsa Jehova ka thata mme a ananela mosebetsi o etswang ke baromuwa lefatsheng lohle. Ba bang ba bona e ne e le bona feela Dipaki dinaheng tseo ba neng ba rometswe ho tsona. Ka 1976 ke ne ke utlwile bohloko ha ke bona Morabo rona Knorr a kula a tshwerwe ke kankere. Ka tsatsi le leng ha a ntse a le diphateng tse tjhesang, o ile a nkopa hore ke mo balle dibuka tse ding tse neng di lokela ho printwa. O ile a re ke bitse Morabo rona Frederick Franz e le hore le yena a ka mamela ha ke ntse ke bala. Ha nako e ntse e ya, ke ile ka hlokomela hore kaha Morabo rona Franz o ne a haellwa ke pono, Morabo rona Knorr o ne a mo balla dingolwa.

Nna, Daniel le Marina Sydlik re etetse lekala le leng ka 1977

Morabo rona Knorr o ile a hlokahala ka 1977, empa batho ba neng ba mo tseba ebile ba mo rata ba ile ba tshediseha kaha o ne a phethile karolo ya hae ya ho sebeletsa Jehova lefatsheng ka botshepehi. (Tšen. 2:10) Ka mora moo, Morabo rona Franz o ile a re etella pele mosebetsing wa rona.

Ka nako eo, ke ne ke le mongodi wa Morabo rona Milton Henschel, ya neng a sebeditse le Morabo rona Knorr ka dilemo tse ngata. Morabo rona Henschel o ile a re boikarabelo ba ka bo ka sehloohong mona Bethele, ke ba ho thusa Morabo rona Franz ka dintho tseo a di hlokang. Ke ne ke balla Morabo rona Franz dingolwa pele di printwa. O ne a mamela ka hloko mme a kgona ho hopola ntho e nngwe le e nngwe eo ke neng ke e bala. O ile a qeta tshebeletso ya hae lefatsheng ka December 1992. E ne e le ho thabisang hakaakang ho mo thusa!

124 Columbia Heights, moo ke sebeditseng ka dilemo tse mashome

Dilemo di tsamaya ka pele e le kannete. Hona jwale e se e le dilemo tse 61 ke sebeletsa Bethele. Batswadi ba ka le bona ba hlokahetse ba tshepahala mme ke labalabela ho ba bona hape lefatsheng le letjha. (Joh. 5:28, 29) Lefatsheng mona ha ho na ntho e monate ho feta ho sebetsa le bara le baradibabo rona ba tshepahalang ho thusa batho ba Modimo lefatsheng ka bophara. Seo nna le Livija re ka se buang ka tshebeletso ya rona ke hore: ‘Thabo ya Jehova e bile qhobosheane ya rona.’​—Neh. 8:10.

Ke ithutile hore ka mokgatlong wa Jehova ha ho na motshepuwa, ke kahoo mosebetsi wa ditaba tse molemo o ntseng o tswela pele. E bile ho thabisang haholo ho sebetsa le bara le baradibabo rona ba tshepahalang dilemong tse fetileng. Batlotsuwa ba bangata bao ke ileng ka sebetsa le bona ha ba sa le yo lefatsheng. Empa ke thabetse ho ba e mong wa ba sebeletsang Jehova ka botshepehi.