Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Sebedisa Tjhelete Hantle

Ho Sebedisa Tjhelete Hantle

Ho sebedisa melaomotheo ya Bibele ho thusitse batho ba bangata hore ba se ke ba ba le mathata a ditjhelete.

EBA LE MORERO O MOTLE KA TJHELETE

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Ka sebele merero ya ya kgothetseng e tlisa molemo, empa ka sebele e mong le e mong ya lepotlapotla o leba bohloking.”​—Liproverbia 21:5.

SEO E SE BOLELANG: O lokela ho rera esale pele hore na o tlo etsang ka tjhelete mme o tshepahalle morero oo. O hopole hore o ka se reke ntho e nngwe le e nngwe eo o e batlang. Ka hoo o lokela ho sebedisa tjhelete ya hao hantle.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Tshepahalla bajete ya hao. Ngola dintho tseo o di hlokang kaofela mme o di behe ka mananeo. Ebe o a ngola hore o tla sebedisa tjhelete e kae ho e nngwe le e nngwe ya tsona. Haeba o sebedisa tjhelete e fetang eo o neng o batla ho e sebedisa lenaneng le itseng, sebedisa e mananeng a mang. Ka mohlala, haeba o sebedisa tjhelete e ngata ho feta eo o neng o rerile ho e sebedisa bakeng sa petrolo, nka tjhelete e mananeng a mang ao e seng a bohlokwa hakaalo jwalo ka ho ya restjhurenteng.

  • Qoba ho etsa dikoloto tse sa hlokahaleng. Haeba ho kgoneha qoba ho etsa dikoloto ka ho felletseng. Ho e na le hoo, boloka tjhelete e le hore o ka reka dintho tseo o di hlokang. Haeba o sebedisa credit card leka ho patala dikoloto ka nako, e le hore o ka qoba ho di patala ha di se di na le tswala. Haeba o le dikolotong etsa leano la hore na o tla di patala jwang hanyane hanyane ho fihlela o di qeta.

    Thuto e nngwe e bontsha hore ha batho ba reka ka credit card ba sebedisa tjhelete e ngata haholo. Jwale, haeba o na le credit card e sebedise hantle.

ITHLOKOMELE DINTHONG TSE KOTSI

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Ka lebaka la mariha ya botswa a ke ke a lema; o tla kopa nakong ya kotulo, empa ho tla be ho se na letho.”​—Liproverbia 20:4.

SEO E SE BOLELANG: Botswa bo etsa hore motho a futsanehe. Ka hoo, sebetsa ka thata mme o sebedise tjhelete ya hao hantle, e le hore o ka ba le dintho tseo o di hlokang.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Sebetsa ka thata. Haeba o sebetsa ka thata mosebetsing wa hao bahiri ba hao ba tla o tshepa ebile ba tla o rata mme seo se ka etsa hore ba batle hore o dule o ba sebeletsa.

  • Tshepahala. O se ke wa utswetsa mohiri wa hao, hobane seo se ka senya botumo ba hao mme sa etsa hore batho ba se ke ba batla ho o hira.

  • Qoba meharo. Haeba o dula o batla ho ba le tjhelete e ngata, seo se ka etsa hore o kule mme wa lahlehelwa ke metswalle kapa ba lelapa. O lokela ho hopola hore tjhelete ha se yona ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong.

MELAOMOTHEO E MENG YA BIBELE

Bala Bibele Inthaneteng, e fumaneha ka dipuo tse makgolo ho jw.org

O SE KE WA SENYA NAKO LE TJHELETE DINTHONG TSE SE NANG THUSO.

“Etswe letahwa le monyollo ba tla futsaneha, mme ho otsela ho tla apesa motho maharaso.”​—LIPROVERBIA 23:21.

O SE KE WA TSHWENYEHA HAHOLO KA TJHELETE.

“Kgaotsang ho tshwenyeha ka meya ya lona hore na le tla jang kapa le tla nwang, kapa ka mmele ya lona hore na le tla aparang.”​—MATHEU 6:25.

O SE KE WA BA MONA.

“Motho ya leihlo le mohono o hahamalla dintho tsa bohlokwa, empa ha a tsebe hore bohloki bo tla mo wela hodimo.”​—LIPROVERBIA 28:22.