Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

FADIMEHANG! No. 3 2017 | Na Ehlile Bibele ke Lentswe la Modimo?

Na Ehlile Bibele ke Lentswe la Modimo? Kapa e ngotse maikutlo a batho?

Makasine ena ya Fadimehang! e tshohla mabaka a mararo a fanang ka bopaki ba hore ehlile ke nnete hore Bibele e ngotswe ke Modimo.

SEHLOOHO SE KA NTLE

Na ke Nnete Hore Bibele e “Buduletswe ke Modimo”?

Batho ba bang ba dumela hore Bibele kaekae ho na le moo e kopanang le Modimo teng. Ha ba bang bona ba re ke buka ya dipale tsa kgale, ditshomo histori le maikutlo a batho.

SEHLOOHO SE KA NTLE

Bibele e Nepahetse Dinthong Tsohle

Ha se hore Bibele e nepahetse ditabeng tsa saense, tsa histori le tsa boprofeta feela, empa e boetse e fana ka dikarabo tsa dipotso tsa bohlokwa bophelong.

SE KA THUSANG LELAPA

Ruta Bana ho Etsa Mosebetsi wa Lapeng

Na le tswafa ho fa bana ba lona mesebetsi ya ka tlung? Haeba ho jwalo, hlahloba kamoo ho fa bana mesebetsi ya ka tlung ho ka etsang hore ngwana a be le boikarabelo le ho mo fa thabo kateng.

PUISANO

Setsebi sa Dikhompiyutha se Hlalosa Tumelo ya Sona

Ha Dr. Fan Yu a qala ho sebetsa e le setsebi sa mmetse o ne a dumela hore dintho di a iphetola. Hona jwale o dumela hore Modimo ke yena ya entse bophelo. Hobaneng?

SEO BIBELE E SE BUANG

Mangeloi

Mangeloi a nnile a hlaha dibukeng, ditshwantshong le difiliming. Mangolo a senolang ka mangeloi?

NA E ENTSWE?

Letlalo le Boya la Qibi ya Lewatleng

Diphoofolo tse ding tse phelang metsing di sebedisa mafura a matenya hore di dule di futhumetse. Empa diqibi tsa lewatle tsona di sebedisa mokgwa o fapaneng.

Dikarolo Tse Ding Tse Fumanwang Inthaneteng

Nka Etsang Hore Batswadi ba ka ba Mphe Bolokolohi?

Na o nahana hore o se o loketse hore o tshwarwe jwalo ka motho ya moholo empa batswadi ba hao ha ba dumellane le seo? O ka etsang hore ba o tshepe?

Mongodi wa Bibele ke Mang?

Haeba Bibele e ngotswe ke batho, na ho nepahetse hore e bitswe Lentswe la Modimo? Bibele e ngotswe menahano ya mang?