Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Jwang Theknoloji e ka Amang Tsela eo o Ithutang ka Yona?

Ke Jwang Theknoloji e ka Amang Tsela eo o Ithutang ka Yona?

Batho ba dula ba ithuta, ebang ke bakeng sa sekolo, mosebetsi kapa mabaka a mang. Theknoloji e ka thusa batho hore ba ithute. Hona jwale ho se ho le bonolo hore o fumane dintlha kapa ditaba le ha e le dife ntle le hore o tswe ka tlung kapa o phahame setulong.

Empa batho ba bangata ba sebedisang theknoloji haholo . . .

  • ba thatafallwa ho tsepamisa mohopolo ha ba bala.

  • ba ba le bothata ba ho etsa ntho e le nngwe ka nako.

  • ba jewa ke bodutu ha ba le bang.

SEO O LOKELANG HO SE TSEBA

HO BALA

Batho ba sebedisang disebediswa tsa elektronike haholo ha ba na mamello ya ho bala. Ba sheba feela dintlha tse ka sehloohong tsa ntho eo ba e balang.

Ho bala ka tsela eo ha ho na bothata haeba feela o batla karabo ya potso e itseng kapele. Empa ona ha se mokgwa o nepahetseng haeba o batla ho utlwisisa ntho eo o e balang.

SEO O KA NAHANANG KA SONA: O kgona ho bala dirapa tse ngata ha bonolo hakae? Ho etsa jwalo ho ka o thusa jwang hore o ntlafatse mokgwa wa hao wa ho ithuta?​—LIPROVERBIA 18:15.

TSEPAMISA MOHOPOLO

Batho ba bang ba re theknoloji e ba thusa ho etsa mesebetsi e mengata ka nako e le nngwe, ka mohlala ba kgona ho buisana le metswalle ya bona ba ntse ba bala. Empa ha ba etsa dintho tse ngata ka nako e le nngwe, ha ho na eo ba kgonang ho e etsa hantle, haholoholo haeba di hloka hore ba tsepamise mohopolo.

Ho tsepamisa mohopolo le ho qoba dintho tse ka o sitisang ha ho bonolo empa ho tla o tswela molemo. Motjha e mong ya bitswang Grace o re: “O ke ke wa etsa diphoso tse ngata ebile ha o na dula o tshwenyehile haholo. Ke ithutile hore ho molemo ho etsa ntho e le nngwe ka nako eseng tse ngata hobane di tla o sitisa.”

SEO O KA NAHANANG KA SONA: Na ho etsa dintho tse ngata ka nako e le nngwe ho o sitisa ho tsepamisa mohopolo le ho hopola dintho tseo o ithutileng tsona?​—LIPROVERBIA 17:24.

HO BA MONG

Batho ba bang ha ba rate ho ba bang moo ho thotseng, ka hoo ba sebedisa theknoloji e le ho iphathahanya. Mosadi e mong ya bitswang Olivia o re: “Ke jewa ke bodutu haeba ho ka feta metsotso e 15 ke dutse feela ke sa shebe fono ya ka kapa ke sa bulele TV.”

Le ha ho le jwalo, nako ya ho ba mong e fa motho monyetla wa ho nahana ka ho teba e leng karolo ya bohlokwa ya ho ithuta, eseng bakeng sa batjha feela empa le batho ba baholo.

SEO O KA NAHANANG KA SONA: Na ha o le mong o sebedisa nako eo hore o nahane?​—1 TIMOTHEA 4:15.

SEO O KA SE ETSANG

HLAHLOBA TSELA EO O SEBEDISANG THEKNOLOJI KA YONA

O ka sebedisa theknoloji jwang ho o thusa ho ntlafatsa tsela eo o ithutang ka yona? Theknoloji e ka o sitisa ho tsepamisa mohopolo le ho ithuta jwang?

KELETSO YA BIBELE: “Sireletsa bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana.”​—LIPROVERBIA 3:21.