Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

NTLHA YA 2

Ho ba le Boikokobetso

Ho ba le Boikokobetso

HO BA LE BOIKOKOBETSO HO BOLELANG?

Batho ba ikokobeditseng ba a hlompha. Ha ba ikgohomose ebile ha ba lebelle hore batho ba bang ba ba tshware ka tsela e kgethehileng. Ho e na le hoo, motho ya nang le boikokobetso o rata batho, ebile o ikemiseditse ho ithuta makgabane a bona.

Batho ba bang ba re ha motho a ikokobeditse o kwalehile. Empa nnete ke hore boikokobetso bo thusa motho ho bona diphoso tsa hae le ho tseba mefokolo ya hae.

KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA HO BA LE BOIKOKOBETSO?

  • Boikokobetso bo matlafatsa setswalle. Buka ya The Narcissism Epidemic e re: “Hangata ho ba bonolo hore batho ba ikokobeditseng ba buisane le batho ba bang ba be ba etse metswalle.”

  • Boikokobetso bo ka thusa ngwana wa hao le ha a se a hodile. Ha ngwana wa hao a ithuta ho ba le boikokobetso hona jwale, ho tla ba bonolo hore a fumane mosebetsi ha a se a hodile. Dr. Leonard Sax o re: “Haeba motjha a itshepa ho tlola ebile a nahana hore o tseba ntho e nngwe le e nngwe, seo se ka nna sa etsa hore a se ke a fumana mosebetsi. Empa motjha ya batlang ho tseba hore na keng eo mohiri a e batlang, ho ka etsahala hore a fumane mosebetsi.” *

KE JWANG O KA RUTANG BANA HO BA LE BOIKOKOBETSO?

Thusa bana ba hao hore ba nahanele batho ba bang.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Haeba le ha e le mang a inahana hore ke ho hong ha e se letho, o thetsa kelello ya hae.”​—⁠Bagalata 6:3

  • O se ke wa babatsa ngwana ka tsela e fetelletseng. Ho bolella ngwana wa hao mantswe a kang, “Ditoro tsa hao kaofela di tla phethahala” le a kang, “O ka ba eng kapa eng eo o batlang ho ba yona,” a ka utlwahala eka a a kgothatsa, empa ha se hangata dintho tseo di ka etsahalang. Bana ba hao ba ka atleha haeba ho e na le dintho tseo ba tsebang hore ba tla di finyella ha bonolo, ebile ba sebetsa ka thata hore ba di finyelle.

  • Toba taba ha o babatsa bana ba hao. Batswadi ha ba a lokela ho bolella bana ba bona feela hore ba etsa dintho hantle ha ba ba babatsa, empa ba lokela ho ba bolella hore ke dintho dife tseo ba di etsang hantle.

  • Thusa ngwana wa hao hore a se ke a qeta nako e ngata metjheng ya puisano. Hangata metjheng ya puisano, batho ba rata ho bua ka ditalenta tsa bona le dintho tseo ba di finyelletseng, e leng se bontshang hore ha ba na boikokobetso.

  • Ruta ngwana wa hao ho kopa tshwarelo. Thusa ngwana wa hao hore a utlwisise phoso eo a e entseng le hore a e dumele.

Ruta ngwana wa hao ho leboha.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Le iponahatse le le ba lebohang.”​—Bakolose 3:15.

  • Ruta ngwana wa hao ho ananela popo. Bana ba lokela ho ananela popo mme ba lokela ho tseba hore re a e hloka e le hore re tswelepele re phela. Ka mohlala, re hloka moya hore re heme, metsi hore re nwe le dijo hore re je. Sebedisa mehlala ena ho ruta bana ba hao ho ananela dintho tse ntle tseo Modimo a di entseng.

  • Ruta ngwana wa hao ho rata batho. Ruta ngwana wa hao hore a se ke a jella batho ba bang mona ka lebaka la makgabane le di talenta tsa bona, empa mo thuse ho bona hore a ka ithuta ho tswa ho bona.

  • Ruta ngwana wa hao ho leboha. Ruta ngwana wa hao hore a re, “Ke a leboha” eseng ka mantswe feela empa le ka diketso. Ho leboha ho re thusa hore re be batho ba ikokobeditseng.

Ruta ngwana wa hao ho tseba melemo ya ho thusa batho ba bang.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Ka ho ikokobetsa kelellong le nka hore ba bang ba le phahametse, le sa hlokomele dlithahasello tsa ditaba tsa lona feela, empa hape le hlokomela dithahasello tsa ba bang.”​—Bafilipi 2:3, 4.

  • Ruta ngwana wa hao ho etsa mesebetsi ya ka tlung. Ho thibela ngwana wa hao ho etsa mesebetsi ya ka tlung, ho etsa hore a nahane hore dintho tseo a batlang ho di etsa ke tsa bohlokwa ho feta mesebetsi ya ka tlung! O lokela ho etsa mesebetsi ya ka tlung pele a ka bapala. Mo bontshe melemo ya ho etsa mesebetsi ya ka tlung mme o mo bolelle hore batho ba tla mo hlompha ba be ba ananele mosebetsi oo a o etsang.

  • Ruta ngwana wa hao hore a tsebe molemo wa ho thusa batho ba bang. Haeba ngwana a thusa batho ba bang, seo se tla mo thusa hore ebe motho ya nang le boikarabelo. Ka hoo, mo kgothalletse hore a tsebe batho bao a batlang ho ba thusa. Buisanang ka hore na ke eng seo a tla se etsa e le hore a ka thusa batho bao. Mo babatse mme o mo thuse ha a ntse a etsetsa batho ba bang dintho tse ntle.

^ par. 8 Mantswe ana a tswa bukeng ya The Collapse of Parenting.