Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ha Mmuso wa Modimo o se o busa, batho “ba tla fumana thabo e phethehileng kgotsong e ngata.”​—Pesaleme ya 37:11

Bibele e Reng?

Bibele e Reng?

Na Bibele e ka o thusa ha o na le mathata?

Wena o ka reng?

  • Ee

  • Tjhe

  • Mohlomong

Seo Bibele e se buang

“Lahlela matshwenyeho ohle a [hao] ho [Modimo], hobane o a [o] tsotella.” (1 Petrose 5:7) Bibele e re kgodisa hore Modimo o tla re thusa ha re na le mathata.

Seo re ka ithutang sona hape ka Bibeleng?

  • Ha o rapela o tla fumana “kgotso ya Modimo,” e tla o imolla mathateng a hao.—Bafilipi 4:6, 7.

  • Ho ekelletsa moo, ho bala Bibele ho ka o thusa hore o sebetsane hantle le kgathello ya maikutlo.​—Matheu 11:28-30.

Na mathata a tla ke a fele?

Batho ba bang ba dumela hore . . . Mathata le kgatello ya maikutlo ke karolo ya bophelo, ha ba bang bona ba re dintho di tla loka fela ha motho a hlokahetse. O nahana jwang ka see?

Seo Bibele e se buang

Modimo o tla tlosa dintho tsohle tse re tshwenyang. “Lefu ha le sa tla hlola le eba teng; mme ha ho sa tla ba maswabi, le ha e le ho bokolla kapa bohloko.”​—Tšenolo 21:4. BIBELE E HALALELANG

Seo re ka ithutang sona hape ka Bibeleng?

  • Ha Mmuso wa Modimo o se o busa, batho ba tla phela ka kgotso.​—Esaia 32:18.

  • Re tla lebala ka dintho tsohle tse re tshwenyang le kgatello ya maikutlo.​—Esaia 65:17.