Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

MONEHELO WA HAO O SEBEDISWA JWANG?

Ho Atleha ha Meaho Pele ho Sewa sa Corona

Ho Atleha ha Meaho Pele ho Sewa sa Corona

1 NOVEMBER 2020

 Ka lebaka la hore ho kolobetsa batho ba dikete selemo le selemo, ho hlokahala hore ho hahwe dibaka tse ngata tsa borapedi. Ka lebaka lena, Mafapha a Meralo le Kaho (LDC) lefatsheng lohle a ne a rerile ho haha le ho lokisa dibaka tsa rona tsa borapedi tse fetang 2 700 selemong sa tshebeletso sa 2020. a

 Ka maswabi sena ha se a ka sa etsahala ka lebaka la sewa sa COVID-19. E le ho sireletsa bara le baradibabo rona le ho mamela mebuso, Komiti ya Kgatiso ya Sehlopha se Busang e ile ya emisa diprojeke tse ngata tsa kaho lefatsheng lohle. Ho sa tsotellehe seo, selemong sa tshebeletso sa 2020 ho ile ha hahwa le ho lokiswa dibaka tsa borapedi tse fetang 1 700 le hoja sewa sena se ne se se se le teng. Ho ekelletsa moo, diprojeke tse kgolo tse neng di etswa lekaleng tse ka hodimo ho 100 di ile tsa qetwa. Bona ka moo diprojeke tse pedi tsa kaho di ileng tsa tswela bara le baradibabo rona molemo ka teng.

 Lekala la Cameroon. Ofisi ya lekala ya Douala e ne e le nyane ebile ho ne ho hlokahala hore ho etswe diphetoho tse itseng ho yona. Komiti ya Kgatiso e ile ya nahana hore e lokise ofisi eo ya lekala empa tjhelete ya hore ho etswe seo e ne e tlo ba ngata haholo. Ba ile ba boela ba etsa dipatlisiso tsa hore na ba ka kgona ho haha ofisi ya lekala e ntjha kapa ba reke sebaka se seng se ntse se na le moaho e be ba a se lokisa empa ha baa ka ba kgona ho etsa seo.

 Ka nako eo ba ile ba hlokomela hore mmuso o ntse o rera ho etsa tsela ka leboya ho Douala pela Holo ya Kopano. Tsela eo e ne e tla etsa hore ho be bonolo hore batho ba fihle ofising ya lekala hape sebaka seo se ne se loketse hobane ofisi ya lekala e ne e tla fumana ditshebeletso tsa setjhaba tse kang metsi, motlakase le tse ding. Sena e ne e le sona seo lekala le neng le se hloka. Sehlopha se Busang se ile sa dumela hore ho hahwe ofisi ya lekala e ntjha sebakeng seo Holo ya Kopano e leng ho sona.

Bara le baradibabo rona ba thusa ho haha lekala la Cameroon

 Dipaki le borakontraka ba neng ba hirilwe ba ile ba sebetsa ha mmoho mme seo se ile sa boloka nako le tjhelete. Ha e le hantle projekeng ena ho ile ha sebediswa tjhelete e nyane haholo ho feta ka moo ho neng ho lebelletswe ka teng. Ho ile ha bolokwa tjhelete e fetang R32 570 200. Lelapa la Bethele le ile la fallela sebakeng sena se setjha hang feela ka mora hore ho phatlalatswe ka sewa sena sa COVID-19.

Projeke ya lekala la Cameroon e ile ya qetwa pele ho sewa sa COVID-19

 

 Batho ba sebetsang Bethele e Cameroon ba thabile haholo ho sebetsa le ho dula sebakeng sena mme ba nka sena e le mpho e tswang ho Jehova. Banyalani ba bang ba re: “Re batla ho sebetsa ka thata mme re bontshe hore re ananela sebaka sena.”

Bara le Baradibabo rona ba sebetsa ofising ya bona e ntjha pele ho sewa sa corona

 Ofisi ya Phetolelo ya Tojolabal (RTO), Mexico. Ka dilemo tse ngata thimi e fetolelang puo ya Tojolabal e ne e dula lekaleng la Central America le pela toropo ya Mexico. Le ha ho le jwalo puo ya Tojolabal e buuwa haholo Altamirano le Las Margaritas e leng dibaka tse bohole ba dikhilomithara tse ka bang 1 000 le ofisi ya lekala. Ka lebaka la sena ho ne ho ba thata hore bafetoledi ba tlwaelane le puo ya Tojolabal haholo hobane ba ne ba dula sebakeng seo ho neng ho buuwa puo e nngwe. Ka hoo lekala le ne le sokola ho fumana bara le baradibabo rona ba buang puo ya Tojolabal hantle e le hore ba ka ba sebedisa bakeng sa ho fetolela le ho rekota.

Bara le baradibabo rona ba thusa ka projeke ya RTO

 Ka lebaka la sena Komiti ya Bongodi ya Sehlopha se Busang e ne e batla ho nka thimi ena mme e ise sebakeng seo ho buuwang puo ya Tojolabal hantle. E le ho etsa sena ofisi ya lekala e ile ya etsa qeto ya hore e reke moaho mme e o lokise. Ho etsa seo ho ne ho tla re batla tjhelete e nyane ho feta ho haha botjha kapa ho hira diofisi.

 Mofetoledi e mong wa hlalosa hore na o fumane molemo o feng, o re: “Dilemong tse leshome tseo ke di sebeditseng ke le mofetoledi mona lekaleng ha ke so ka ke kopana le ha e le lelapa le le leng le haufinyane le buwang puo ya ka. Hona jwale ofisi ya rona e se e le sebakeng seo ho buuwang Tojolabal ho sona. Ke kopana le ho bua le batho ba buang Tojolabal letsatsi le letsatsi. Sena se e ntse hore ke ithute mantswe a mangata mme le mosebetsi wa ka o ntlafetse.”

Ofisi ya phetolelo ya Tojolabal pele le ka mora hore e lokiswe

Diprojeke Tsa Selemo sa Tshebeletso sa 2021

 Selemong sa tshebeletso sa 2021, ho rerilwe hore ho tla hahwa le ho lokisa di RTO tse 75 le dibaka tsa dikolo tsa Bibele haeba maemo a dumela. Mosebetsi o tla tswela pele diprojekeng tse ka bang 8 tse kgolo tse tla etswa lekaleng, ho akarelletsa le projeke ya ntlo kgolo e ntjha e tla ba Ramapo e New York ha mmoho le ho falla ha makala a Argentina le Italy. Ho ekelletsa moo, ho hlokahala Diholo tsa Borapedi tse fetang 1 000 mme hona le Diholo tsa Borapedi tse fetang 6 000 tse seng maemong a hantle tse lokelang ho hahwa botjha mme ho na le tse ding tse 4 000 tse hlokang ho lokiswa.

 Mosebetsi wa ho haha le ho lokisa Diholo tsa Borapedi o tshehetswa ka ditjhelete jwang? Morabo rona Lázaro González e mong wa Komiti ya Lekala ya Central America o ile a araba potso ena ha ba ntse ba buisana ka projeke ya Ofisi ya Phetolelo ya Tojolaba. O ile a re: “Lekaleng la rona re na le disebediswa tse nyane. Ka hoo, ka ntle ho thuso ya bara le baradibabo rona lefatsheng lohle, re ne re sa tlo kgona ho haha diofisi tsa phetolelo bakeng sa badumedi mmoho le rona ba buang dipuo tse ding. Menehelo eo bara le baradibabo rona lefatsheng lohle ba fanang ka yona, e etsa hore re kgone ho isa diofisi tsa diphetolelo haufinyane le moo puo eo ba e fetolelang e buuwang teng. Re leboha bara le baradibabo rona lefatsheng lohle ka tshehetso ya bona.” Diprojeke tsena tsa kaho di a kgoneha mme re leboha haholo ka menehelo e etswang lefatsheng lohle eo bongata ba yona bo ntshwang ho sebediswa donate.jw.org.

a Mafapha a Meralo le Kaho (LDC), a rera le ho haha Diholo tsa Borapedi tsa Dipaki Tsa Jehova tsa lekala la wona. Lefapha la LDC la lefatshe lohle le ntlo kgolo ya Dipaki Tsa Jehova, le etsa qeto ya hore ke diprojeke tse feng tse lokelang ho etswa pele le hore na di lokela ho etswa jwang.