Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Maremagnum/Corbis Documentary via Getty Images

DULANG LE FADIMEHILE!

Na Armagedone e Tla Qala Iseraele?​—Bibele e Reng ka Taba Ee?

Na Armagedone e Tla Qala Iseraele?​—Bibele e Reng ka Taba Ee?

 Bibele e hlalosa Armagedone e le ntwa e tla ama lefatshe lohle eseng ntwa feela e tla ba sebakeng se le seng. Ntwa ena e tla ba pakeng tsa mebuso yohle ya batho le Modimo.

  •   “Dipolelo tseo di susumetswa ke bademona . . . di ya ho marena a lefatshe lohle mme di a bokella bakeng sa ntwa ya letsatsi le leholo la Modimo ya Matla Ohle. . . . tsa bokella marena sebakeng seo ka Seheberu se bitswang Armagedone.”​—Tshenolo 16:​14, 16.

 “Armagedone” e tswa lentsweng la Seheberu Har Meghid·dohnʹ, le bolelang “Thaba ya Megido.” Megido e ne e le o mong wa metse ya Iseraele ya boholoholo. Ke ka hoo batho ba bang ba dumelang hore ntwa ya Armagedone e tla ba Iseraele. Empa Megido kapa sebaka le ha e le sefe se Botjhabela bo Hare ha se seholo hoo se ka lekanang “marena a lefatshe lohle” le mabotho a wona.

 Lengolo la Tshenolo le ngotswe ho sebediswa ‘dipontsho’ e leng matshwao a neng a tla bontsha dintho tse neng di tla etsahala. (Tshenolo 1:1) Armagedone ha se sebaka sa sebele empa ke boemo ba lefatshe lohle moo ditjhaba di tla beng di bokane ka lekgetlo la ho qetela di leka ho lwantsha Modimo le ho ema kgahlanong le bobusi ba hae.​—Tshenolo 19:​11-16, 19-21.