Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Chris McGrath/Getty Images

LETSHOLO LE KGETHEHILENG

Mmuso wa Modimo o Tla Etsang ka Ntwa

Mmuso wa Modimo o Tla Etsang ka Ntwa

 Dintwa di tswela pele ho utlwisa batho bohloko le ho baka tshenyo lefatsheng lohle. Hlokomela ditlaleho tse latelang:

  •   Ka la 7 June 2023, mokgatlo o etsang dipatlisiso wa Peace Research Institute Oslo (PRIO) o ile wa re: “Esale ho tloha ka 1994, ha ho eso shwe batho ba bangata hakaalo jwalo ka ba ileng ba shwa Ethiopia le Ukraine ka lebaka la dintwa selemong se fetileng.”

  •   Ka la 8 February 2023, The Armed Conflict Location & Event Data Project (ACLED) e ile ya tlaleha hore “ntwa e Ukraine e ne e le e nngwe ya dintwa tse ileng tsa ba matla ka ho fetisisa lefatsheng ka 2022. Lefatsheng lohle dintwa tse susumetswang ke dipolotiki di ile tsa eketseha ka diphesente tse 27 selemo se fetileng mme ho hakanngwa hore batho ba ka bang dibilione tse 1.7 ba ile ba angwa ke dintwa tseo.”

 Bibele e fana ka tshepo. E re: “Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso o ke keng wa fediswa le ka mohla.” (Daniele 2:​44) Mmusong oo, Modimo o tla “fedisa dintwa lefatsheng lohle.”​—Pesaleme ya 46:9.