Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 7

Dintlha Tse Nepahetseng

Dintlha Tse Nepahetseng

Luka 1:3

KAKARETSO: Etsa bonnete ba hore seo o se buang ke nnete e le hore bamamedi ba hao ba sebedise seo ba ithutileng sona.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Batla dintlha tseo batho ba ka di tshepang. Nka dintlha tsa hao Lentsweng la Modimo Bibele mme ha ho kgoneha o e bale. Haeba seo o se buang se amana le saense, se hlahile ditabeng, se ile sa etsahalla motho kapa ke bopaki bo bong bo tshehetsang taba ya hao, etsa bonnete ba hore dintlha tseo ke nnete.

  • Hlalosa dintlha ka tsela e nepahetseng. Hlalosa mangolo ka tsela e dumellanang le seo o se buang, seo Bibele e se rutang le seo dingolwa tse hlahang ho “lekgoba le tshepahalang le le masene” di se rutang. (Mat. 24:45) Ha o sebedisa dintlha tseo o di nkileng dibukeng, o se ke wa eketsa kapa wa fokotsa seo mongodi wa buka eo a neng a se hlalosa.

  • Etsa hore bamamedi ba hao ba fumane ntlha ya bohlokwa. Ka mora hore o bale lengolo kapa o bue ka dintlha tseo o di fumaneng, botsa potso kapa o etse mohlala o tla etsa hore bamamedi ba bone bohlokwa ba puo ya hao.