Eba Sebete ha o Tsamaya le Modimo
Buka ena e ka o thusa hore o be le sebete le tumelo e matla.
Lengolo le Tswang ho Sehlopha se Busang
Sehlopha se Busang se lakatsa eka buka ena e ka o thusa hore o etsise banna le basadi ba mehleng ya kgale ba neng ba ena le sebete le tumelo.
SELELEKELA
O ka ba Sebete le ho Feta!
Buka ena e etseditswe ho o thusa hore o be sebete le ho feta. Bona ka moo Jehova a ileng a thusa batho ba sa phethahalang hore ba be le sebete seo ba neng ba se hloka le hore na wena a ka o thusa jwang.
KAROLO YA 1
KAROLO YA 1
Ho Tloha Mehleng ya Enoke ho ya ho ya Baahlodi
Karolong ena ho buuwa ka mehlala e ikgethang ya batho ba ileng ba bontsha tumelo le sebete, ho tloha mehleng ya Enoke ho ya ho ya moprofeta Samuele.
Dilemo Tseo Batho ba Hlahang Karolong ya Pele ba di Phetseng
Tjhate e bontshang hore na batho ba hlahang ka Bibeleng ba phetse nako e kae le hore na diketsahalo tsa bohlokwa tse ka Bibeleng di etsahetse neng.
1 ENOKE
O Ile a Tsamaya le Modimo
Enoke o ne a fapane hole le batho ba mehleng ya hae ka ditsela tse pedi. O kgonne jwang? Re ka ithutang ka sebete mohlaleng wa hae?
2 NOE
O Ile a Bontsha Hore Lefatshe le ne le Tshwanela ho Fediswa
Mehla ya rona e tshwana jwang le mehla ya Noe? Bala hore na o ka etsang e le hore o be sebete jwalo ka Noe.
3 SARA
Ha a ka a Nahana ka Dintho Tseo a di Siileng Morao
Sara o ile a bontsha jwang hore o na le tumelo le sebete?
4 ABRAHAMA
Motho wa Pele ya Ileng a Lwana Ntwa ya Jehova
Taba ya hore Abrahama o ne a ikemiseditse ho thusa Lota e re rutang? Jehova o ile a etsang ha a hlokomela sebete le tumelo ya hae?
5 ABRAHAMA
O ne a Ikemiseditse ho Etsa Ntho e Boima ka ho Fetisisa
Re ka etsisa sebete sa Abrahama jwang ka ho mamela Modimo? Tlaleho ee e re rutang ka lerato la Jehova?
6 REBEKA
O Ile a ya Moo a sa Tsebeng
Rebeka o ne a le sebete haholo a bile a ena le tumelo e matla. Re ka ithutang mohlaleng wa hae?
7 JAKOBO
O Ile a Sireletsa Lelapa la Hae ka Sebete
Mohlala wa Jakobo o ka re kgodisa jwang hore ho bohlokwa ho sebeletsa tlhohonolofatso ya Jehova?
8 JOSEFA
Ha a ka a Itumella ho Lekwa
Bona hore na mohlala wa Josefa o ka o thusa jwang hore o hlole diteko le hore o mamelle mathata.
9 SHIFRA, PUA, AMRAME, JOKEBEDE, LE MIRIAME
‘Ba Bontshitse Tumelo ka Hore ba mo Pate’
Babelehisi, batswadi ba Moshe le ausi wa hae kaofela ba bontshitse tumelo e matla le sebete. Re ka ba etsisa jwang?
10 MOSHE
O ile a Etsa Qeto e Nepahetseng
Ke qeto efe eo Moshe a ileng a e etsa, hona hobaneng? Re ka ithutang mohlaleng wa hae?
11 MOSHE
“Eya ho Faro”
Mohlala wa Moshe o ka re thusa jwang hore re be sebete sa hore Jehova a ka re thusa ho phetha dikabelo tseo a re fang tsona tseo re ikutlwang re sa tshwanelehe ho di etsa?
12 KALEBE
O Ile a Sebetsa ka Thata ho Tshepahalla Modimo wa Hae
Hlokomela hore na mohlala wa Kalebe o ka re thusa jwang ho hanela kgatello ya ho “latela bongata.”
13 JOSHUA
O Ile a Mamela Ditaelo Tse Makatsang
Ke ditaelo dife tse sa tlwaelehang tseo Joshua a ileng a di fuwa ke Jehova? Re ka etsisa Joshua maemong afe?
14 RAHABA
O ile a Kgetha ho ba ka Lehlakoreng la Jehova
Re ka ithutang ho seo Rahaba a se entseng? O ile a hlohonolofatswa jwang ka lebaka la tumelo le sebete seo a ileng a se bontsha?
15 NAOMI LE RUTHE
Ba Ile ba Mamella Mathata ha Mmoho
Naomi le Ruthe ba ile ba bontsha sebete ka ditsela dife? Re ka ithutang mohlaleng wa bona?
16 BARAKE LE DEBORA
“Ke Tla ya le Wena”
Barake o ile a re o tla ya ntweng haeba feela Debora a tsamaya le yena. Na e ne e le hobane a se na tumelo?
17 JAELE
“Mosadi ya Hlohonolofetseng ho Feta ba Bang”
Sebete seo Jaele a ileng a se bontsha kgahlanong le sera sa Jehova se ntse se hlokahala. Ke hobaneng ha kajeno re hloka sebete se tshwanang le sa hae ho feta le ha e le neng pele?
18 GIDEONE
O ne a le Sebete a Bile a le Hlokolosi
Ke maemong afe moo re ka nnang ra hloka ho ba sebete le ho ba hlokolosi?
19 JAFETA LE MORADI WA HAE
Ba Ile ba Phethahatsa Kano e Boima
Ke jwang mohlala wa Jafeta le moradi wa hae o ka re tswelang molemo kajeno?
20 SAMSONE
O Ile a ba Sebete ha a ne a Fokola
Re ka ithutang diketsong tsa Samsone ka mora hore a etse phoso?
21 SAMUELE
Moshanyana ya Ileng a Fetisa Molaetsa wa Jehova ka Sebete
Ke maemong afe moo batjha ba ka hlokang sebete sa ho etsa ntho e nepahetseng?
KAROLO YA 2
KAROLO YA 2
Ho Tloha Mehleng ya Marena ho ya ho ya ha ho ne ho Tsosoloswa Jerusalema
Karolong ena ho buuwa ka mehlala ya batho ba mehleng ya pele ba ileng ba bontsha hore ba na le tumelo le hore ba sebete. E qala ka ho bua ka mora wa Morena Saule e leng Jonathane ebe e bua ka Morena Davida mme e qetella ka ho bua ka batho ba Modimo ba ileng ba kgutla botlamuweng Babilona yaba ba tsosolosa Jerusalema.
Dilemo Tseo Batho ba Hlahang Karolong ya Bobedi ba di Phetseng
Tjhate e bontshang hore na batho ba hlahang ka Bibeleng ba phetse nako e kae le hore na diketsahalo tsa bohlokwa tse ka Bibeleng di etsahetse neng nakong ya marena ho ya ho ya ha ho ne ho tsosoloswa Jerusalema.
22 JONATHANE
O ne a Hloka Sebete e le Hore a Dule a Tshepahala
Jonathane o tlaletswe ke noka, ha a tsebe hore na a tshepahalle Jehova kapa ntate wa hae. O ile a tseba jwang hore na o lokela ho tshepahalla mang? Re ka mo etsisa jwang?
23 DAVIDA
O lle a Lwana le Senatlahadi
Davida o ne a tsebahala a le ‘sebete a bile a le matla.’ Mohlala wa hae o thusitse batho ba bang jwang? O ka thusa batho ba bang jwang ha o le sebete?
24 ABIGAILE
O Ile a Kokobetsa Boemo bo Kotsi
Banna le basadi ba lenyalong ba ka ithutang mohlaleng wa Abigaile?
25 DAVIDA
O Ile a ba le Sebete sa ho Etsa Ntho e Nepahetseng
Davida o ne a ena le monyetla wa ho iphetetsa. Keng e ileng ya mo thibela ho etsa jwalo? Re ka etsisa mohlala wa hae jwang?
26 NATHANE
O Ile a Kgalemela Morena
Mohlala wa Nathane o re rutang ka ho thusa motswalle ya entseng phoso e kgolo?
27 MEFIBOSHETHE
Ha a ka a Kwata ha a Tshwarwa Hampe
Re ithuta dintho dife tse ka re tshedisang ho Mefiboshethe?
28 ASA
“O Ile a Sebeletsa Jehova ka Pelo Yohle Bophelo Bohle ba Hae”
Ke eng seo re ka ithutang sona ho tswa ho monna ya ileng ‘a sebeletsa Jehova ka pelo ya hae yohle’?
30 MOHLOLOHADI WA SAREPTA
O Ile a ba le Tumelo ho Jehova Nakong e Thata Haholo
Pale ya mosadi eo e re kgothatsa jwang hore re tshepe Jehova?
31 NGWANANA WA MOISERAELE E MONYENYANE
O Ile a Bua ka Modimo wa Hae Naheng ya Baditjhaba
Mohlala wa ngwanana enwa e monyenyane o ka o thusa hore o bue ka Jehova le ha o tshohile.
32 ELISHA
“Jehova, ke Kopa o Etse Hore a Bone”
Ke maemong afe ao re ka matlafatswang ke ho bona mangeloi ka mahlo a rona a tumelo?
33 JEHOJADA
O Ile a Sireletsa Borena
Ke eng eo Jehojada a ileng a e etsa e neng e hloka hore a be sebete? Re ka etsisa sebete seo a ileng a se bontsha jwang?
34 EZEKIASE
“O Ile a Dula a Tshepahalla Jehova”
Ezekiase o ile a bontsha sebete le tumelo. Re ka mo etsisa jwang kajeno?
35 MANASE
O Ile a ba le Sebete sa Hore a Fetohe
Ke hobaneng ha ho ka thwe Manase e ne e le mohlala o motle wa ho bontsha sebete?
36 JOSIASE
O Ile a Thusa Batho Hore ba Boele ba Rapele Jehova
Le hoja Josiase a hotse ha bohloko, o ile a bontsha hore o sebete ka tsela e hlollang ha a ne a emela borapedi ba nnete. Re ka mo etsisa jwang?
37 DANIELE
O ne “a ke ke a Itshilafatsa”
Batjha ba ka etsisa sebete le botshepehi ba Daniele jwang? Kaofela ha rona re ka rua molemo jwang mohlaleng wa hae?
38 BAHEBERU BA BARARO
Ba Ile ba Pholoha Seboping se Tukang sa Mollo
Baheberu ba bararo ba ile ba dula ba le sebete le ha ba ne ba tobane le lefu. Mohlala wa bona o re rutang ka makgabane a kang boikokobetso, bonolo le botshepehi?
39 ESTHERE
“Haeba ke Shwa, ke Shwe”
Esthere o ne a le bohlale ebile a mamela. O ile a kgona ho susumelletsa monna wa hae hore a dumellane le maikutlo a hae. Re ka ithutang mohlaleng wa hae?
40 NEHEMIA
O Ile a Tsosolosa Marako
mohlala-wa-nehemia-o-re-rutang-ka-ho-sebeletsa-jehova-haholwanyane-baholo-ba-ka-etsisa-mohlala-wa-nehemia-jwang
KAROLO YA 3
KAROLO YA 3
Mehleng ya Mesia le Balatedi ba Hae
Karolong ena re tlo bua ka batho ba lekgolong la pele la dilemo ba ileng ba bontsha tumelo le sebete, ba akarelletsa morwetsana wa Mojuda ya bitswang Maria le moapostola Johanne.
Dilemo Tseo Batho ba Hlahang Karolong ya Boraro ba di Phetseng
Tjhate e bontshang hore na batho ba hlahang ka Bibeleng bao ho buuwang ka bona Karolong ya Boraro, ba phetse nako e kae. E boetse e bua ka diketsahalo tsa bohlokwa ho tloha mehleng ya Mesia ho fihlela matsatsing a ho qetela a moapostola Johanne.
41 ZAKARIA LE ELIZABETHA
“Jehova o ne a ba Nka ba Lokile”
Ke hobaneng ha Jehova a ne a nka Zakaria le Elizabetha ba lokile? Ke jwang re ka etsisang mohlala wa bona?
42 MARIA
O Ile a ba le Sebete sa ho Amohela Boikarabelo bo Boholo
Maria o ile a fumana kabelo e ikgethang ebile e le boima. Ke jwang Maria a ileng a fumana sebete sa ho phetha boikarabelo bo bokaalo ho fihlela qetellong?
43 JOSEFA
E ne e le Ntate ya Sebete
Josefa o behile mohlala o motle jwang bakeng sa bontate ba Bakreste kajeno?
44 JOHANNE MOKOLOBETSI
‘Ha ho e Moholo ho mo Feta’
Johanne e ne e le monna ya sebete le ya neng a phela bophelo bo itekanetseng. Hlokomela hore na re ka ithuta eng ho yena.
45 PETROSE
“Ke Moetsadibe”
Re ka ithutang mohlaleng wa Petrose ka ho tswela pele re sebeletsa Jehova le haeba re ena le mefokolo?
46 MARIA MAGDALENA
“Ke Bone Morena!”
Maria o ile a etsa sohle seo a ka se kgonang ho thusa Jesu le balatedi ba hae. Ke jwang re ka bang le sebete le kutlwelobohloko jwalo ka yena?
47 MARIA, KGAITSEDI YA LAZARO
“O Entse Seo a Neng a ka se Kgona”
Jesu o ile a babatsa kgaitsedi ya Lazaro, e leng Maria, ka tumelo le sebete seo a neng a ena le sona. O bontshitse ka ditsela dife hore o sebete? Hona re ka mo etsisa jwang kajeno?
48 SETEFANE
Monna ya Neng “a Ena le Tumelo e Matla a Bile a Tletse Moya o Halalelang”
Setefane o ile a iphumana a le ka pela lekgotla a lwanela bophelo ba hae. O ile a emela tumelo ya hae jwang? Mohlala wa hae o ka re thusa jwang hore re dule re tshepahala?
49 PETROSE
E Ile ya Eba Lefika
Mohlala wa Petrose o ka re thusa jwang hore re tshepe Jehova ha re tshohile?
50 SAULE WA TARSASE
O Ile a Fetola Bophelo ba Hae
Ke eng e ileng ya etsa hore monna ya neng a ikemiseditse ho hlorisa Bakreste a fetole bophelo ba hae? Re ka ithuta eng mohlaleng wa hae?
51 BARNABASE
“O Ile a Kgothatsa Batho ba Bang”
Barnabase o ile a ba le sebete sa ho thusa Saule le ho mo isa ho baapostola. Re ka etsisa sebete sa hae le moya wa hae wa ho sebeletsa batho ba bang jwang?
52 MAREKA
“O Nthusa Haholo”
Ho sa tsotellehe dintho tse ileng tsa mo etsahalla, ka sebete Mareka o ile a tswela pele ka tshebeletso ya hae le ka ho thusa Bakrestemmoho le yena. Re ithuta eng mohlaleng wa hae?
53 PAULUSE
O ile a ba Sebete Nakong ya Sefefo
Moapostola Pauluse o ile a bontsha jwang hore o sebete nakong eo ho neng ho bonahala ho se na tshepo? Sebete sa hae se ile sa thusa batho ba bang jwang?
54 MOAPOSTOLA JOHANNE
O Ile a Bontsha Sebete Dinakong Tsa Mathata
Moapostola Johanne ha a ka a tshoha kapa hona ho tela ha a kopana le mathata. Re ka etsisa mohlala wa hae jwang mme ra tswela pele ho tsamaya le Modimo ka sebete?
SEPHETHO
SEPHETHO
“A re Beng Sebete”
Bibele e tletse ka mehlala ya banna le basadi, bana le batho ba hodileng bao ka sebete ba ileng ba emela Jehova. Dipale tsa bona di ka re susumetsa hore le rona re etse se tshwanang.
Ka maswabi ha hona mantswe a tsamaisang le seo o se batlang

