Feta

NA E ENTSWE?

Tsela e Hlollang eo Letlalo la Sea Cucumber le Entsweng ka Yona

Tsela e Hlollang eo Letlalo la Sea Cucumber le Entsweng ka Yona

Sea cucumber e dula botlaseng ba lewatle, hara mafika a dikorale. Letlalo la yona le ka ba le di tobatoba, kapa la hlaba. E kgona ho etsa mmele wa yona hore o be bonolo ebile hape e kgona ho etsa hore o be thata ka motsotso kapa metsotswana feela. Seo se etsa hore sea cucumber e kgone ho kena dipakeng tsa dintho tse nyane haholo ebe e tiisa mmele wa yona e le hore ditlhapi tse ding di se ke tsa e ja. Sea cucumber e kgona ho etsa sena ka lebaka la letlalo la yona le ikgethang.

Nahana ka sena: Letlalo la sea cucumber le kgona ho ba ka mefuta e na e meraro, le kgona ho ba thata, le be hantle feela le hoba bonolo. E le hore e kgone ho kgetha hore na e batla hore letlalo la yona le be jwang, e ka ntsha kapa ya nyametsa dintho tse hlabang tse mmeleng wa yona. E etsa jwalo ka hore e sebedise di protein tse fapaneng tse etsang hore e kgone ho tiisa kapa ho etsa hore letlalo la teng le be bonolo.

Di protein tse etsang hore letlalo la teng le be thata, di etsa ntho e kang ketane mahareng a dintho tsa teng tse ka reng di a hlaba mme sena se etsa hore letlalo la teng le dule le le thata. Di protein tse etsang hore letlalo la teng le be bonolo, le tlosa dintho tseo tse ka reng diketane mme ke ka hona letlalo la teng le kgonang ho ba bonolo. Letlalo lena la sea cucumber le ka ba bonolo hoo o ka bonang e ka le batla ho qhibidiha.

Borasaense ba ntse ba leka ho etsa dintho tse ka kgonang ho tshwana le letlalo la sea cucumber. E nngwe ya dintho tseo ba ntseng ba leka ho di etsa, ke ho etsa disebediswa tsa elektronike tse tla thusa dingaka ha di etsa opereishene ya boko tse tla kgonang ho ba thata ebile hape di be bonolo. Haeba disebediswa tsena di ka kgona ho ba ka ditsela tsena tse pedi seo se tla etsa hore ho be bonolo ho etsa di opereishene.

Wena o nahanang ka taba ee? Na letlalo la sea cucumber le ikentse? Kapa na le entswe?