Sehopotso sa Lefu la Jesu
Labone la 2 April 2026
Hang ka selemo Dipaki Tsa Jehova di keteka Sehopotso sa lefu la Jesu jwalo ka ha a ile a laela ha a ne a re: “Le nne le etse tjena ho nkgopola.”—Luka 22:19.
Re mema wena le ba lelapa la hao hore le be teng ketsahalong ena.
Dipotso Tse Atisang ho Botswa ka Dipaki Tsa Jehova
Ke bomang ba ka tlang?
Batho bohle ba amohelehile. O ka mema metswalle ya hao ha mmoho le ba lelapa.
Lenaneo le tla nka nako e kae?
Le tla nka hora kapa ka tlase ho moo.
Sehopotso se tla tshwarelwa hokae?
Bua le Dipaki Tsa Jehova ho fumana sebaka se haufi le wena.
Na o lokela ho itlama kapa ho patala ha o kena?
Tjhe.
Na ho ntshwa koleke?
Tjhe. Ha ho mohla re nkang koleke dibakeng tsa rona tsa borapedi.—Matheu 10:8.
Ho aparwa jwang?
Ha hona tsela e kgethehileng eo Dipaki Tsa Jehova di aparang ka yona empa re apara ka tsela e bontshang tlhompho ketsahalong ena ya bohlokwa.
Ho etswa eng Sehopotsong?
Ho qalwa ka pina ho be ho qetellwe ka yona hape e mong wa Dipaki Tsa Jehova o tla rapela ha ho qalwa le ha ho phethelwa. Puo e thehilweng Bibeleng e tla bua ka bohlokwa ba lefu la Jesu le ka moo re ka ruang molemo ka teng ho seo Modimo le Jesu ba re etseditseng sona.
Bakeng sa dintlha tse eketsehileng, sheba sehlooho se reng: “Ke Hobaneng ha Dipaki Tsa Jehova di Tshwara Seboka sa Dijo Tsa Mantsiboya Tsa Morena ka Tsela e Fapaneng le Madumedi a Mang?”
Sehopotso sa dilemo tse latelang se tla ba neng?
Labone la 2 April 2026
Mantaha wa la 22 March 2027

