Feta

Na ho na le Difilimi, Dibuka Kapa Dipina Tseo le di Hanelang?

Na ho na le Difilimi, Dibuka Kapa Dipina Tseo le di Hanelang?

 Tjhe. Mokgatlo wa rona ha o hlahlobe difilimi, dibuka, kapa dipina tse itseng ebe o beha molao wa hore na ditho tsa wona di qobe dife. Hobaneng?

  Bibele e kgothalletsa motho ka mong hore a kwetlise ‘matla a hae a ho lemoha’ e le hore a tsebe ho kgetholla se nepahetseng ho se fosahetseng.​—Baheberu 5:14.

  Mangolo a na le melaomotheo ya bohlokwa eo Mokreste a ka e hlahlobang ha a kgetha boithabiso. a Jwalo ka dikarolong tsohle tsa bophelo, sepheo sa rona ke ho ‘nepisisa hore na ke sefe se amohelehang ho Morena.’​—Baefese 5:10.

  Bibele e ruta hore bao e leng dihlooho tsa malapa ba na le boikarabelo bo itseng ba ho laola dintho, ka hoo ba ka nna ba kgetha hore ba hanele ditho tsa malapa a bona ka boithabiso bo itseng. (1 Bakorinthe 11:3; Baefese 6:1-4) Le ha ho le jwalo, ka ntle ho lelapa, ha ho na motho ya nang le matla a ho hanela ditho tsa phutheho ho shebella difilimi, ho mamela dipina kapa ho mamela dibini tse itseng.​—Bagalata 6:5.

a Ka mohlala, Bibele e nyatsa ntho le ha e le efe e kgothalletsang tshebedisano le meya, boitshwaro bo ditshila ba thobalano, kapa diketso tse mabifi.​—Deuteronoma 18:10-13; Baefese 5:3; Bakolose 3:8.