Feta

Na Dipaki Tsa Jehova di Kwekwetla Bao e Neng e le Ditho Tsa Bodumedi ba Bona?

Na Dipaki Tsa Jehova di Kwekwetla Bao e Neng e le Ditho Tsa Bodumedi ba Bona?

 Bao e neng e le Dipaki Tsa Jehova tse kolobeditsweng empa ba se ba sa bolele, mohlomong ba se ba bile ba sa kopanele le badumedimmoho le bona, ha re ba kgese. Ha e le hantle, re ya ho bona mme re leka ho ba tsosolosa moyeng.

 Ha re kgaole motho hobane feela a entse sebe se tebileng. Empa haeba Paki e kolobeditsweng e tlwaetse ho tlola molao o itseng wa Bibele wa boitshwaro mme e sa bake, re tla e kwekwetla kapa e tla kgaolwa. Bibele e re ka ho hlaka: “Tlosang motho eo ya kgopo hara lona.”​—1 Bakorinthe 5:13.

 Ho etsahalang haeba monna a kgaolwa empa mosadi le bana bona e ntse e le Dipaki Tsa Jehova? Ha a sa kopanela ditabeng tsa borapedi le ba lelapa, empa kamano ya bona yona ha e fetohe. Ba tswela pele e le monna le mosadi, ba a sebedisana le ho bontshana lerato ka lapeng.

 Batho ba kgaotsweng ba ka tla dibokeng tsa rona tsa bodumedi. Haeba ba rata, ba ka boetse ba fuwa keletso ya Mangolo ke baholo ba phutheho. Sepheo ke ho thusa motho ka mong hore a boele a tshwanelehe ho ba e mong wa Dipaki Tsa Jehova. Batho ba kgaotsweng ba furallang boitshwaro bo fosahetseng mme ba bontsha ka tiyo hore ba batla ho phela ka melao ya Bibele ba a amohelwa ka mofuthu hore e boele e be ditho tsa phutheho.