Feta

Dipaki Tsa Jehova di Kae ka Palo Lefatsheng Lohle?

Dipaki Tsa Jehova di Kae ka Palo Lefatsheng Lohle?

2023 Tlaleho

Palo ya Dipaki Tsa Jehova Lefatsheng Lohle

8 816 562

Diphutheho

118 177

Dinaha Tseo Dipaki Tsa Jehova di Bolelang ho Tsona

239

2023 Kakaretso ya Dipalo

2023 Tlaleho ya Dinaha le Tshimo

Le bala palo ya Dipaki Tsa Jehova jwang?

 Batho ba bolelang ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo ke bona feela ba balwang palong ya Dipaki Tsa Jehova. (Matheu 24:14) Palong ena ho kenyeleditswe Dipaki tse kolobeditsweng ha mmoho le batho ba eso kolobetswe empa ba bolela ditaba tse monate.

Na motho o lokela ho ntsha monehelo e le hore a balwe e le e mong wa Dipaki?

 Tjhe. Ho ntsha monehelo ha se yona ntho e etsang hore motho a balwe e le e mong wa Dipaki kapa hore a fuwe mosebetsi kapa tokelo e itseng ka hara mokgatlo wa rona. (Diketso 8:18-20) Ha e le hantle ha motho a ntsha monehelo, taba eo e tsejwa ke yena a le mong. Paki e nngwe le e nngwe e kenya letsoho mosebetsing wa rona wa lefatsheng lohle ka ho nehela ka nako, matla le dintho tsa hae ka boithatelo le ho ya ka maemo a hae.​—2 Bakorinthe 9:7.

Le tseba jwang hore na ke ba bakae ba ntseng ba bolella batho ba bang ka Bibele?

 Kgwedi le kgwedi Dipaki di fana ka tlaleho ya mosebetsi wa tsona wa boboledi diphuthehong. Di fana ka tlaleho ena ka ho rata.

 Phutheho e bokella ditlaleho tseo ebe dipalo kakaretso tseo di romelwa ofising ya lekala. Ofisi ya lekala e romela dipalo kakaretso tsa naha e nngwe le e nngwe kapa tsa tshimo ya bona ntlokgolo ya rona.

 Ha selemo se seng le se seng sa tshebeletso se fela, a ho shejwa palo ya Dipaki naheng e nngwe le e nngwe selemong seo. Dipalo tsena di a kopanngwa hore ho bonahale hore na ho na le Dipaki tse kae lefatsheng lohle. Ditlaleho tse eketsehileng mabapi le naha e nngwe le e nngwe di phatlalatswa websaeteng ya rona tlasa karolo e reng “Around the World.” Ditlaleho tsena di a re kgothatsa jwalo ka ha ditlaleho tse tshwanang le tsona di ne di kgothatsa Bakreste ba mehleng ya pele.​—Diketso 2:41; 4:4; 15:3.

Na le bala le batho ba sa ruteng batho ba bang Bibele empa ba tla phuthehong ya lona?

 Le hoja re sa bale batho bana palong ya Dipaki, re a ba amohela ha ba tlile phuthehong ya rona. Boholo ba bona ba ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste sa selemo le selemo, ka hoo re ka hakanya palo ya batho bana ka ho tlosa palo ya Dipaki Tsa Jehova palong ya batho ba bileng teng Sehopotsong selemong seo. Ka 2023 batho ba bileng teng Sehopotsong e ne e le ba 20 461 767.

 Batho ba bangata ba thabela ho ithuta Bibele le rona mahala le hoja ba sa tle dibokeng tsa rona. Ka 2023 re ile ra ithuta Bibele le batho ba ka bang 7 281 212 kgwedi le kgwedi mme ba bang ba ne ba tshwarelwa thuto e le sehlopha.

Ke hobaneng ha palo ya mmuso ya hore na Dipaki di kae e le hodimo ho ya lona?

 Hangata mmuso o fumana palo ya batho ba madumeding a fapaneng ka ho botsa batho hore na ke ba bodumedi bofe. Ka mohlala, Lefapha la Palo ya Setjhaba la United States le re ha le etsa diphuputso le amehile haholo ka hore na batho bao ba ba botsang ba re bona ke ba bodumedi bofe. Ka hoo, dipalo tseo ba di fumanang di itshetlehile ka hore na batho bona ba re ke ba bodumedi bofe. Empa rona ha re bala palo ya Dipaki Tsa Jehova, re bala feela batho ba bolellang batho ba bang molaetsa wa Bibele le ba tlalehang mosebetsi oo, eseng feela batho ba ipolelang hore ke Dipaki.

a Selemo sa tshebeletso se qala ka la 1 September ho ya ho la 31 August selemong se latelang. Ka mohlala, selemo sa tshebeletso sa 2015 se ile sa qala ka la 1 September 2014 ho ya ho la 31 August 2015.