Ditaba Tsa Bophelo ba Jesu le Tshebeletso ya Hae

Ithute haholwanyane ka Mora wa Modimo le Mopholosi wa moloko wa batho e leng Jesu Kreste, divideong tsena.

Kakaretso ya Letoto la Divideo Tsa Ditaba Tsa Bophelo ba Jesu le Tshebeletso ya Hae

Iponele Dikosepele di phela letotong lena le thabisang la divideo le buang ka Jesu Kreste.

Karolo ya Pele: Lesedi la Nnete la Lefatshe

Batho ba tla pholoswa jwang sebeng seo ba se futsitseng ho Adama? Mesia ke yena feela ya ka ba pholosang.

Karolo ya Bobedi: “Enwa ke Mora wa ka”

Johanne Mokolobetsi o lokisa tsela bakeng sa Mesia. Bona diketsahalo tse ikgethang tse bontshang qaleho ya tshebeletso ya Jesu lefatsheng.

Karolo ya Boraro: “Ke Yena”

Jesu o bolella Nikodemase, mosadi wa Mosamaria le batho ba sebakeng sa habo sa Nazaretha hore ke Mesia. Batho ba mmalwa ba dipelo di ntle ba dumela ho yena. Ka mora hore Jesu a etse mohlolo o ikgethang, o mema batshwasi ba ditlhapi ba ikokobeditseng hore ebe balatedi ba hae.

Karolo ya Bone: “Ke Yona Ntho eo ke e Tletseng”

Jesu o senola matla a hae a ho fodisa batho le ho leleka bademona. Empa ba bang ba a mo hanyetsa mme ba rera ho mo bolaya. Ka lebaka la diketso tsa hae tse bontshang kutlwelo bohloko le bokgoni ba hae bo ikhethang ba ho ruta, Jesu o etsa barutuwa mme o kgetha baapostola ba 12.

Karolo ya Bohlano: “Ba Tsota Tsela eo a Rutang ka Yona”

Ka mora ho fodisa letshwele le leholo, Jesu o qala ho ruta batho ka tsela eo baetapele ba bodumedi ba neng ba eso ka ba ruta ka yona. Bamamedi ba hae ba hlollwa ke matla a thuto ya hae, dipapiso tseo a di etsang le dikeletso tseo ba ka di sebedisang bophelong ba letsatsi le letsatsi.

Karolo ya Botshelela: “Na ke Wena Ya Tlang?”

Jesu o bontsha hore o na le matla a ho tsosa bafu. Mehlolo le dithuto tsa hae tse ikgethang di senola sepheo sa bamamedi ba hae. Jesu o sebedisa dipapiso ho hlalosa Mmuso wa Modimo.