Kakaretso ya Letoto la Divideo Tsa Ditaba Tsa Bophelo ba Jesu le Tshebeletso ya Hae
LETOTO LA DIVIDEO
Mofetola
Le Fumaneha ka Dipuo Tse ka Hodimo ho 500
Divideo tsena di thusa batho lefatsheng lohle ho tseba dithuto tsa Jesu ka dipuo tsa bona
Le Nkilwe ka Kotloloho ho Tswa ka Bibeleng
Dipuisano tse hlahang di nkilwe ka ho toba Dikosepeleng tsa Matheu, Mareka, Luka le Johanne
Ho Entswe Dipatlisiso Tse Tebileng
Ho entswe dipatlisiso ka dilemo tse ngata ho etsa bonnete ba hore dintlha di nepahetse ka hohle ka moo ho ka kgonehang
Dikarolo
Dikarolo tsena di boetse di fumaneha ka ditlhaloso tse mamelwang bakeng sa batho ba sa boneng le ba sa boneng hantle.
KAROLO YA PELE
Josefa le Maria ba fuwa tlotla ya ho hodisa Jesu, e leng ngwana ya sa tshwaneng le ba bang bohle.
KAROLO YA BOBEDI
Johanne Mokolobetsi o bua ka ho hlahella ha Mesia. Jesu o qala tshebeletso ya hae.
KAROLO YA BORARO
Jesu o ruta Nikodemase, mosadi wa Mosamaria le batho ba Nazaretha empa ba itshwara ka ditsela tse sa tshwaneng.
KAROLO YA BONE
Jesu o fodisa ba kulang, o leleka bademona, o etsa barutuwa ebile o kgetha baapostola ba hae ba 12.
KAROLO YA BOHLANO
Ka mora ho fodisa letshwele le leholo, Jesu o fana ka Thuto ya Thabeng e leng puo ya hae e tsebahalang haholo.
KAROLO YA BOTSHELELA
Jesu o tsosa mora wa mohlolohadi, o ruta a sebedisa dipapiso tse bonolo hape o senola sepheo sa ba mo mamelang.
Dikarolo Tse Ding di Tla Lokollwa Haufinyane
Dikarolo tse ntjha di tla lokollwa selemo le selemo ho fihlela letoto lena la dikarolo tse 18 le phethelwa. Dikarolo tse latelang di tla lokollwa ka May 2027.
Dithuto Tsa Jesu di ka Ntlafatsa Bophelo ba Hao Jwang?
Dipaki Tsa Jehova di ka thabela ho o thusa hore o ithute ka ho eketsehileng ka Jesu le ka moo ho mamela dikeletso tsa hae ho ka etsang hore o thabe bophelong hona jwale. Kena websaeteng ya jw.org ho ithuta ka ho eketsehileng, kapa o leke thuto ya rona ya Bibele e sa lefellweng.
O ka Nna wa Rata le Tsena
DIPOTSO TSA BIBELE DI A ARAJWA
Seo e Leng Nnete ka Jesu
Fumana dikarabo tsa dipotso tseo o nang le tsona mabapi le Jesu ka Lentsweng la Modimo.
DIPOTSO TSA BIBELE DI A ARAJWA
Ke Hobaneng ha Jesu a Bitswa Mora wa Modimo?
Haeba Modimo ha a tswala jesu ka tsela eo batho na tswalang bana ka yona, jwalo ho bolelwang ha hothwe Jesu ke Mora wa Modimo?
DIPOTSO TSA BIBELE DI A ARAJWA
Na Boprofeta bo Buang ka Mesia bo Paka Hore Jesu e ne e le Mesia?
Na ho ka etsahala hore ho be le bo Mesia ba bangata?
ESSENTIAL BIBLE TEACHINGS
Ke Hobaneng ha Jesu a ile a Shwa?
Bibele e bontsha hore lefu la Jesu ke la bohlokwa haholo. Na lefu la hae le ne le e na le morero?

