Ke Hobaneng ha le Bitswa Dipaki Tsa Jehova?
Jehova ke lebitso la Modimo, le hlahang ka Bibeleng. (Exoda 6:3; Pesaleme ya 83:18) Paki ke motho ya bolelang dinnete kapa dintho tseo a kgodisehileng ka tsona.
Ka hoo, lebitso la rona la Dipaki Tsa Jehova le re kgetholla re le sehlopha sa Bakreste ba phatlalatsang seo e leng nnete ka Jehova, Mmopi wa dintho tsohle. (Tshenolo 4:11) Re pakela ba bang ka tsela eo re phelang ka yona le ka ho ba bolella seo re ithutileng sona ka Bibeleng.—Esaia 43:10-12; 1 Petrose 2:12

