LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA

Na Bibele e Lumella Tlhalo?

Sesotho (Lesotho)
Na Bibele e Lumella Tlhalo?
https://cms-imgp.jw-cdn.org/img/p/502012499/univ/art/502012499_univ_sqr_xl.jpg
ijwbq sehlooho 17

Na Bibele e Lumella Tlhalo?

Na Bibele e Lumella Tlhalo?

Karabo ea Bibele

 Bibele e lumella tlhalo. Leha ho le joalo, Jesu o boletse lebaka le le leng feela le amohelehang la ho qhala lenyalo, ha a re: “Mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae, haese ka lebaka la bohlola [ho kopanela liphate ka ntle ho lenyalo], ’me a nyala e mong oa feba.”—Matheu 19:9.

 Molimo o hloile tlhalo e etsoang ka bolotsana le ka bomenemene. Ke eena ea tla ahlola ba tlohelang balekane ba bona ka bosaoana, haholo ha ba etsa joalo ka morero oa ho nyalana le motho e mong.—Malakia 2:13-16; Mareka 10:9.