Batsoali ba ka Ruta Bana ka Thobalano Joang?

Batsoali ba ka Ruta Bana ka Thobalano Joang?

Karabo ea Bibele

 Ke mang ea lokelang ho ruta bana ka thobalano? Bibele e re ke boikarabelo ba batsoali, ’me batsoali ba bangata ba thusitsoe ke litlhahiso tse latelang:

  •   U se ke ua hlajoa ke lihlong. Bibele e bua ka ho toba ka thobalano le ka litho tsa botona kapa tsa botšehali, ’me Molimo o ile a bolella sechaba sa Iseraele hore “bana ba banyenyane” ba lokela ho rutoa ka litaba tse joalo. (Deuteronoma 31:12; Levitike 15:​2, 16-​19) U ka sebelisa mantsoe a hlomphehang a etsang hore ho bua ka thobalano kapa litho tsa botona le tsa botšehali e se ke ea e-ba taba e hlabisang lihlong.

  •   Ruta ngoana butle-butle. Ho e-na le ho buisana le ngoana hang ka thobalano ha a kena lilemong tsa bocha, mo bolelle butle-butle lintho tseo a tla khona ho li utloisisa.​—1 Bakorinthe 13:11.

  •   Mo rute melao ea boitšoaro. Bana ba ka ’na ba rutoa ka thobalano sekolong. Leha ho le joalo, Bibele e khothalletsa batsoali hore ba rute bana litho tsa ’mele tsa botona le tsa botšehali le hore ba ba rute tsela e nepahetseng ea ho li sebelisa.​—Liproverbia 5:​1-​23.

  •   Mamela ngoana oa hao. U se ke ua phahamisa matšoafo kapa ua potlakela ho nahanela ngoana hampe ha a u botsa ka litaba tsa thobalano. Ho e-na le hoo, ‘u potlakele ho utloa, u liehe ho bua.’​—Jakobo 1:​19.

Kamoo u ka sireletsang ngoana ho batho ba hlekefetsang bana ka thobalano

Ruta ngoana ho itoanela ha a hlekefetsoa

  •   Itlhomelle. Ithute hore na ke lintho life tseo batho ba hlekefetsang bana ba tloaetseng ho li etsa.​—Liproverbia 18:15; sheba khaolo ea 32 bukeng ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1.

  •   Tseba se etsahalang bophelong ba ngoana. U se ke ua siea ngoana tlhokomelong ea motho eo u sa tsebeng hore na o oa tšepahala kapa che, ’me u se ke ua mo lumella hore ‘a itaole.’​—Liproverbia 29:15.

  •   Mo rute hore na o lokela ho mamela maemong afe. Bana ba lokela ho ithuta ho mamela batsoali ba bona. (Bakolose 3:20) Empa ha u ruta ngoana hore o lokela ho mamela motho leha e le ofe e moholo nako ena kaofela, u etsa hore ho be bonolo hore a hlekefetsoe. Batsoali ba Bakreste ba ka re ho ngoana, “Haeba motho e mong a re u etse ntho eo Molimo a reng e fosahetse, u se ke ua e etsa.”​—Liketso 5:​29.

  •   Bontša ngoana hore na a ka itšireletsa joang. Ruta ngoana hore na a ka etsa’ng ha u le sieo ’me motho e mong a leka ho mo qhekella. Ha u bontša ngoana seo a lokelang ho se etsa, seo se tla mo fa sebete sa hore a re “Ntlohele! Ke il’o bolela!” ’me a balehe. U ka ’na ua lokela ho “lula u hopotsa bana ba hao” seo, kaha bana baa lebala.​—Deuteronoma 6:7, Contemporary English Version.