Livideo Tsa Bibele—Lithuto Tsa Bohlokoa
Livideo tsena tse khutšoanyane li araba lipotso tsa bohlokoa tsa Bibele ebile li tsamaisana le lithuto tse hlahang bukaneng ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
Na Bokahohle bo Entsoe?
Batho ha ba utloisise tlaleho ea Bibele e buang ka popo ebile ba re ke tšomo. Na kannete re ka lumela seo Bibele e se buang?
Na Molimo o na le Lebitso?
Molimo o na le litlotla tse ngata, tse kang Ea Matla ’Ohle, ’Mōpi le Morena. Empa lebitso la Molimo le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 ka Bibeleng.
Na u ka Khona ho ba Motsoalle oa Molimo?
Haesale batho ba utloa ba hloka ho tseba Moetsi oa bona. Bibele e ka re thusa ho ba metsoalle ea Molimo. Ntho ea pele e tla u thusa ke ho tseba lebitso la Molimo.
Mongoli oa Bibele ke Mang?
Haeba e ngotsoe ka batho, na ho nepahetse hore e bitsoe Lentsoe la Molimo? Bibele e ngotse maikutlo a mang?
Re ka Tseba Joang Hore Bibele e Nepahetse?
Haeba Bibele e ngotsoe ke Molimo, e lokela ho fapana le buka leha e le efe e kileng ea ngoloa.
Ke Hobane’ng ha Molimo a Bopile Lefatše?
Lefatše le na le lintho tse ngata tse ntle. Le sebakeng se lekaneng pakeng tsa lona le letsatsi, le sekame ka tsela e nepahetseng, le potoloha ka lebelo le loketseng. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a bopa lefatše ka tsela e hlollang tjee?
Re ka Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsa Bohlokoa Bophelong Hokae?
Na u na le lipotso ka bophelo, lefu kapa bokamoso? Likarabo tse khotsofatsang tsa lipotso tseo le tse ling tse ngata li ka fumaneha empa hokae?
Bafu ba Hokae?
Bibele e re tsepisa hore bafu ba tla tsoha joalokaha Lazaro le eena a ile a tsoha.
Na Lihele ke Sebaka Seo ho Chesoang Batho ho Sona?
Bibele e re “Molimo ke lerato” kahoo a ke ke a lula a hlokofatsa batho ka liphoso tsa nako e fetileng.
Na Jesu Kreste ke Molimo?
Na Jesu Kreste ke Molimo? Kapa ke batho ba babeli ba fapaneng?
Na ho ne ho Hlokahala Hore Jesu a re Shoele?
Bibele e hlalosa bohlokoa ba hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a re shoela? Na ho ne ho Hlokahala Hore Jesu a re Shoele?
’Muso oa Molimo ke Eng?
Jesu o rutile ka ’Muso oa Molimo ho feta eng kapa eng. Haesale ka lilemo-lemo balateli ba hae ba rapella hore ’Muso oa Molimo o tle.
’Muso oa Molimo o Qalile ho Busa ka 1914
Lilemong tse ka holimo ho 2 600 tse fetileng, Molimo o ile a bululela toro ea boprofeta ho morena ea matla ’me e ntse e phethahala hona joale.
Ho Tloha ka 1914 Boemo ba Lefatše bo Ile ba Fetoha
Maemo a lefatše le lintho tseo batho ba li entseng ho tloha ka 1914 li bontša hore boprofeta ba Bibele bo buang ka ‘matsatsi a ho qetela’ boa phethahala.
Ke Hobane’ng ha Molimo a sa Felise Mathata?
Bibele e na le likarabo tse khotsofatsang le tse tšelisang.
Na Molimo o Amohela Malumeli ’Ohle?
Batho ba bangata ba lumela hore ha ho tsotellehe hore na motho o khetha bolumeli bofe.
Na u Lokela ho ba Setho sa Bolumeli e le Hore u Rapele Molimo?
Na Molimo o batla hore u be setho sa bolumeli? Bibele e re’ng?
Na Molimo o Batla Hore re Sebelise Litšoantšo ha re mo Rapela?
Na li ka re thusa hore re ikutloe re le haufi le Molimo eo re sa mo boneng?
Na Molimo o Mamela Lithapelo Tsohle?
Na Molimo a ka mamela haeba motho a rapela ka lebaka la ho icheba boeena feela? Na a ka araba thapelo ea monna ea tšoarang mosali oa hae hampe?
Na Pornography ke Sebe ho Molimo?
Na lentsoe “pornography” lea hlaha le ho hlaha ka Bibeleng? Re ka tseba joang hore na Molimo o ikutloa joang ka pornography?