Fetela boitsebisong

Batho ba Bangata ba Ithuta ho Bala le ho Ngola

Batho ba Bangata ba Ithuta ho Bala le ho Ngola

Ka 2011, Lipaki Tsa Jehova li thusitse batho ba ka holimo ho 5 700 hore ba ithute ho bala le ho ngola.

Ghana:

Lilemong tse 25 tse fetileng re thusitse batho ba ka holimo ho 9 000 ho bala le ho ngola.

Zambia:

Ho tloha ka 2002 batho ba ka bang 12 000 ba ntlafalitse tsebo ea bona ea ho bala le ho ngola. Agnes ea lilemo li 82 o re: “Ha ho ne ho tsebisoa hore ho tla ba le litlelase tsa ho ithuta ho bala le ho ngola phuthehong ea heso, ke ile ka thaba eaba kea ingolisa. Thutong ea pele feela, ke ile ka ithuta ho ngola lebitso la ka!

Peru:

Moithuti ea lilemo li 55 o ile a ngola a re: “Ke ne ke sa nahane hore ke tla ke ke tsebe ho bala le ho ngola kaha batsoali ba ka ha baa ka ba nkisa sekolong.

Mozambique:

Lilemong tse 15 tse fetileng batho ba ka holimo ho 19 000 ba ithutile ho bala. Moithuti ea bitsoang Felizarda o re: “Hoa nthabisa hore ebe ke se ke tseba ho phetla mangolo a Bibele le ho a balla batho ba bang. Seo se ne se nthatafalla haholo pele.

Solomon Islands:

Ofisi ea rōna ea lekala e re: “Nakong e fetileng batho ba bangata ba lulang libakeng tsa mahaeng ba ne ba sa khone ho kena sekolo. Hape, ke banana ba ’maloa feela ba ileng ba isoa sekolong. Kahoo, batho ba baholo ba ruile molemo litlelaseng tsa ho ithuta ho bala le ho ngola. Ka mor’a ho qeta litlelase tsena batho ba bangata ba ile ba qala ho bona hore ba na le bokhoni.