Fetela boitsebisong

Ke Hobane’ng ha le sa Tšele Mali?

Ke Hobane’ng ha le sa Tšele Mali?

Maikutlo a fosahetseng

Khopolo-taba: Lipaki Tsa Jehova ha li batle ho sebelisa meriana kapa ho ea lingakeng.

’Nete: Re batlela rōna le malapa a rōna phekolo e molemo ka ho fetisisa. Ha re kula, rea lingakeng tse nang le bokhoni ba ho re fa meriana le ho re buoa li sa re tšele mali. Re ananela liphetoho tse ’nileng tsa etsoa litabeng tsa bongaka. Ha e le hantle, mekhoa ea ho phekola e sa hlokeng tšebeliso ea mali e etselitsoeng ho thusa bakuli ba Lipaki, e se e sebelisoa le molemong oa batho bohle. Linaheng tse ngata, mokuli leha e le ofe a ka qoba likotsi tse bakoang ke ho tšela mali, tse kang mafu a tšoaetsanoang ka mali, ho se sebetse hantle ha tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung le liphoso tse etsoang ke batho.

Khopolo-taba: Lipaki Tsa Jehova li lumela hore motho ea kulang o tla fola haeba feela a e-na le tumelo.

’Nete: Ha re phekole ka mohlolo.

Khopolo-taba: Ho qoba tšelo ea mali ho turu haholo.

’Nete: Ho sebelisa mokhoa oa ho phekola o sa hlokeng tšelo ea mali ho baballa chelete haholo. a

Khopolo-taba: Selemo le selemo, Lipaki tse ngata ho akarelletsa le bana, lia shoa ka lebaka la ho hana ho tšela mali.

’Nete: Taba eo ha e na motheo. Hangata lingaka tse buoang li etsa liopereishene tse thata haholo joaloka opereishene ea pelo, opereishene ea mokokotlo le manonyello le ea ho fetisetsa litho tsa ’mele oa motho e mong ho e mong ntle ho tšelo ea mali. b Bakuli, ho akarelletsa le bana ba sa tšeleng mali, ba fola hantle joaloka batho ba tšelang mali kapa hantle le ho feta. c Leha ho le joalo, ha ho na motho ea ka reng o kholisehile hore motho a ka shoa ka lebaka la ho se tšele mali kapa a ka phela hobane a lumetse ho tšeloa mali.

Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa tšele mali?

Taba ena e amana le bolumeli ho feta litaba tsa bongaka. Testamente ea Khale le e Ncha li re fa taelo e hlakileng ea hore re ile mali. (Genese 9:4; Levitike 17:10; Deuteronoma 12:23; Liketso 15:28, 29) Hape, Molimo o talima mali a emela bophelo. (Levitike 17:14) Kahoo, ha re qobe ho tšeloa mali hobane feela re mamela Molimo empa hape ha re a tšele hobane re mo hlompha kaha ke eena ea re fileng bophelo.

Ho fetola maikutlo

Ho ka etsoa liopereishene tse rarahaneng ho sa tšeloe bakuli mali

Ho na le nako eo ka eona batho ba lefapha la tsa bongaka ba neng ba nahana hore ho qoba ho tšela mali le meriana eo ho thoeng ha e na mali, ke lintho tse feteletseng le tse ka bolaeang batho, empa maikutlo a joalo a fetohile morao tjena. Ka mohlala, ka 2004, sehlooho se seng se hlahang bukeng ea thuto ea tsa bongaka, se ile sa re “mekhoa e mengata ea phekolo e etselitsoeng ho phekola bakuli ba Lipaki Tsa Jehova, e tla sebelisoa le ho bakuli ba bang lilemong tse tlang.” d Ka 2010, sehlooho se bukeng ea Heart, Lung and Circulation, se ile sa re, “mokhoa oa ho etsa liopereishene ho sa sebelisoe mali, ha o oa lokela ho sebelisoa ho L[ipaki] Tsa J[ehova] feela empa lingaka tse buoang li lokela ho nahana ka ho sebelisa mokhoa ona nako le nako ha li buoa batho.”

Hona joale lingaka tse ngata lefatšeng ka bophara, li se li sebelisa mokhoa oa ho boloka mali ha li etsa liopereishene tse rarahaneng li sa tšele mokuli mali. Mekhoa e joalo ea ho se tšele bakuli mali, e sebelisoa le linaheng tseo e leng hona li hōlang ’me e kōptjoa ke bakuli ba bangata bao eseng Lipaki Tsa Jehova.

a Sheba buka ea Transfusion and Apheresis Science, Volume 33, No. 3, leq. 349.

b Sheba buka ea The Journal of Thoracic and Cardiovascular Surgery, Volume 134, No. 2, leq. 287-288; Texas Heart Institute Journal, Volume 38, No. 5, leq. 563; Basics of Blood Management, leq. 2; le Continuing Education in Anaesthesia, Critical Care & Pain, Volume 4, No. 2, leq. 39.

c Sheba buka ea The Journal of Thoracic and Cardiovascular Surgery, Volume 89, No. 6, leq. 918; le Heart, Lung and Circulation, Volume 19, leq. 658.

d Continuing Education in Anaesthesia, Critical Care & Pain, Volume 4, No. 2, leqephe 39.