Lipaki Tsa Jehova li Koetlisoa Joang Bakeng sa Tšebeletso ea Tsona?
Lipaki Tsa Jehova li fumana koetliso e tsoelang pele likarolong tsohle tsa bophelo ba tsona ba Bokreste. Sena se akarelletsa tšebeletso eo ba e etsang phatlalatsa. Tšebeletso ena ke mosebetsi oo Jesu a laetseng balateli ba hae hore ba o etse, e leng ho phatlalatsa le ho ruta batho litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Re fumana koetliso libokeng tsa rona tsa beke le beke le likopanong tse kholo le tse nyane tse tšoaroang selemo le selemo. Lipaki Tsa Jehova tse nang le boikarabelo ka phuthethong kapa ka mokhatlong li fumana koetliso e eketsehileng likolong tsa Bibele tse khethehileng.
Sehloohong sena
Lipaki Tsa Jehova li fumana koetliso joang?
Liboka tsa Lipaki Tsa Jehova. Beke le beke, re ba le liboka tse peli libakeng tsa rona tsa borapeli tse bitsoang Liholo Tsa ’Muso. Seboka se seng se ba har’a beke; se seng se ba mafelo-beke. Batho bohle ba amohelehile hore ba ka kopanela libokeng tsena ’me ha ho na koloke e ntšoang.
Liboka tsa har’a beke. Re fumana koetliso ea ho bala, tsela ea ho buisana le batho, ho bua phatlalatsa, ho paka le ho ruta. Re koetlisoa ka lipuo, lipuisano, lipontšo le livideo. Koetliso ena e re thusa hore re arolelane le ba bang molaetsa oa Bibele ka tsela e atlehang le ho ithuta Bibele le batho ba thahasellang. Bohle ba eang libokeng ba fumana molemo koetlisong ena. Ka holimo ho tsohle, liboka tsena li matlafatsa tumelo ea rona ho Molimo le lerato la rona ho eena le ho balumeli-’moho le rona.
Liboka tsa mafelo-beke. Liboka tsena tse likarolo li peli, li qala ka puo ea Bibele e reretsoeng batho bohle. Karolo ea bobeli ea liboka ke puisano ea lipotso le likarabo ea Molula-Qhooa a o ithutoang. Lihlooho tse tšohloang li hlalosa Bibele le melao-motheo e re thusang tšebeletsong ea rona le bophelong ba rona ba letsatsi le letsatsi.
Likopano tse kholo le tse nyane. Selemo le selemo re ba le likopano tse kholo tse tharo ’me ho ea liphutheho tse ngata. Likopano tsena tse thabisang li thehoa sehloohong se itseng sa Bibele ’me ho ba le lipuo, lipuisano, lipontšo le livideo. Joaloka liboka tsa rona, likopano tse kholo le tse nyane li re thusa ho utloisisa Bibele haholoanyane ebile li re thusa ho ntlafatsa tsela eo re rutang litaba tse monate ka eona. Likopanong tsena, motho e mong le e mong o amohelehile ’me ha ho na koleke e ntšoang.
Likolo tsa Bibele tsa Lipaki Tsa Jehova
Bakeng sa koetliso e eketsehileng, Lipaki Tsa Jehova tse ling li memeloa ho ea likolong tsa Bibele tse fapaneng. Likolo tsee ke life? Morero oa tsona ke ofe ’me li nka nako e kae? Ke bo-mang ba ka tšoanelehang ho ea ho tsona?
Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho
Morero: Ho koetlisa ba tšebeletsong ea nako e tletseng, ba bitsoang bo-pula-maliboho. b Ba thusoa hore ba ntlafatse tsela ea ho paka le ea ho ruta. Koetliso ena e kenyellelitse lipuisano, lipontšo le lipuo.
Nako: Matsatsi a tšeletseng.
Litšoaneleho: Ho mengoa ba seng ba qetile selemo e le bo-pula-maliboho. Bo-pula-maliboho ba seng ba e-na le lilemo tse hlano ba ile ba ea sekolong sena, ba mengoa hape.
Sekolo sa Baevangeli ba ’Muso
Morero: Ho fana ka koetliso e khethehileng ho batho ba nang le boiphihlelo tšebeletsong ea nako e tletseng. Baithuti ba boetse ba koetlisoa ho chorisa tsebo ea bona ea ho paka le ho ruta ’me ba ithuta ka botebo lithuto tsa Bibele. Ba bangata ha ba qetile sekolong sena, ba isoa libakeng tseo ho hlokahalang batho ba eketsehileng ba ka rutang ba bang ka Bibele.
Nako: Likhoeli tse peli.
Litšoaneleho: Bo-pula-maliboho ba ka kenya kopo ea ho ea sekolong sena haeba ba tšoaneleha ebile maemo a bona a ba lumella hore ba ka ea moo ho nang le tlhokahalo ea batho ba rutang Bibele.
Sekolo sa Baholo ba Phutheho
Morero: Ho thusa baholo c hore ba jare boikarabelo ba bona ka phuthehong, joaloka ho ruta, ho khothatsa ba bang le ho eketsa lerato la bona ho Molimo le ho balumeli-’moho le bona.—1 Petrose 5:2, 3.
Nako: Matsatsi a mahlano.
Litšoaneleho: Baholo ba qetang ho khethoa le ba seng ba e-na le boiphihlelo ba e-s’o ka ba ea sekolong sena lilemong tse hlano tse fetileng ba mengoa hore ba ee ho sona.
Sekolo sa Balebeli ba Potoloho le Basali ba Bona
Morero: Ho koetlisa balebeli ba tsamaeang, ba bitsoang balebeli ba potoloho, d hore ba phethe boikarabelo ba bona ka katleho. (1 Timothea 5:17) Koetliso ena e thusa baholo bana ba Bakreste le basali ba bona hore ba be le tsebo e eketsehileng ka Mangolo.
Nako: Khoeli e le ’ngoe.
Litšoaneleho: Balebeli ba potoloho ba bacha le basali ba bona ba mengoa hore ba ka ea ka mor’a selemo ba le kabelong ea bona. Ka mor’a moo, ba mengoa ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse hlano.
Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso
Morero: Ho thusa baholo le bahlanka ba sebeletsang e ho phetha boikarabelo ba bona ka phuthehong ba shebile maemo le lintho tse etsahalang ka nako eo hammoho le litlhoko tsa phutheho. (2 Timothea 3:1) Sekolo sena se tšoaroa ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse peli kapa tse tharo.
Nako: Ea fapana, hangata e ba letsatsi le le leng.
Litšoaneleho: Balebeli ba potoloho, baholo le bahlanka ba sebeletsang.
Sekolo sa Tšebeletso sa Bethele
Morero: Ho thusa bana ba bo rona ba sebeletsang Bethele f hore ba etse mosebetsi oa bona ka bokhabane le ho ba thusa ho matlafatsa lerato la bona ho Molimo le ho batho ba bang.
Nako: Matsatsi a mahlano le halofo.
Litšoaneleho: Bana ba bo rona ba qalang ho sebeletsa Bethele ba lokela ho ba sekolong sena. Bao e leng khale ba le Bethele ba ka mengoa hape ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse hlano.
Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower
Morero: Ho thusa baithuti ho ba le tsebo le kananelo e tebileng ea Lentsoe la Molimo le ho ba thusa ho sebelisa seo ba ithutileng sona. (1 Bathesalonika 2:13) Banna le basali ba Bakreste ba holileng moeeng ba eang sekolong sena sa Gileade, ba sebelisoa ka tsela e khethehileng ka mokhatlong oa Jehova le mosebetsing oa lefatše lohle oa ho ruta batho Bibele. Ha ba tsoa sekolong sena ba abeloa ho sebeletsa libakeng tse fapaneng kapa ofising ea lekala, ebang ke naheng ea habo bona kapa naheng e ’ngoe.
Nako: Likhoeli tse hlano.
Litšoaneleho: Ofisi ea lekala e mema ba tšebeletsong ea nako e tletseng hore ba etse likopo tsa ho ea sekolong sena. Sekolo sena se tšoareloa Amerika, Setsing sa Thupelo sa Watchtower se Patterson, New York.
Sekolo sa Bara ba bo Rona ba Komiti ea Lekala le Basali ba Bona
Morero: Ho koetlisa litho tsa Komiti ea Lekala g ho hlokomela mosebetsi o etsoang ofising ea lekala le mesebetsi e meng e ka hahang tumelo ea Lipaki Tsa Jehova naheng kapa linaheng tse tlas’a lekala leo.
Nako: Likhoeli tse peli.
Litšoaneleho: Ntlo-kholo ea Lipaki Tsa Jehova e khetha bara ba bo rona ba Komiti ea Lekala le basali ba bona ho ea sekolong, se tšoareloang Setsing sa Thupelo sa Watchtower se Patterson, New York.
Koetliso eo Lipaki Tsa Jehova li e fumanang e thehiloe hokae?
Bibele ke buka e ka sehloohong e sebelisoang ho koetlisa Lipaki Tsa Jehova. Re lumela hore Bibele e tsoa ho Molimo le hore e na le likeletso tse molemo ka ho fetisisa tseo Bakreste ba ka li sebelisang bophelong ba bona ba letsatsi le letsatsi.—2 Timothea 3:16, 17.
Na Lipaki Tsa Jehova li lokela ho patalla koetliso eo li e fumanang?
Che. Thupelo ena ke mahala. Mosebetsi o etsoang ke Lipaki Tsa Jehova o tšehetsoa ka menehelo ea boithatelo.—2 Bakorinthe 9:7.
a Bibele le lintho tsohle tse re thusang ho e utloisisa, ho akarelletsa le livideo lia fumaneha websaeteng ea rona ea jw.org.
b Pula-maliboho ke Paki e kolobelitsoeng e behang mohlala. E ka ba motho e motona kapa e motšehali ea nang le boikemisetso ba ho qeta lihora tse itseng khoeli e ’ngoe le e ’ngoe a bolella batho molaetsa oa Bibele.
c Baholo ke banna ba Bakreste ba holileng moeeng. Ba ruta ba sebelisa Bibele ’me ba boetse ba lisa batho ba Jehova ka ho ba thusa le ho ba khothatsa. Ha ba patalloe ho etsa mosebetsi oa bona.
d Molebeli oa potoloho ke mosebeletsi oa nako e tletseng ea etelang liphutheho tse fapaneng beke le beke potolohong ea hae. O khothatsa batho ba phutheho ka ho ba fa lipuo tse thehiloeng Bibeleng le ho tsamaea le bona ha ba il’o ruta batho Bibele.
e Bahlanka ba sebeletsang ba etsa mesebetsi e fapaneng ba thusa balumeli-’moho le bona. Kahoo, sena se thusa baholo ho ba le nako e eketsehileng ea ho ruta le ho khothatsa phutheho.
f Bethele ke lebitso le fuoeng liofisi tsa lekala tsa Lipaki Tsa Jehova. Batho ba sebetsang moo ba etsa mesebetsi e tšehetsang Lipaki tse tlas’a lekala leo.
g Komiti ea Lekala e etsoa ke banna ba bararo kapa ho feta moo ba matla tumelong.