Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 BONTŠA TUMELO E TŠOANANG LE EA BONA | TIMOTHEA

“Ngoana oa ka ea Ratoang le ea Tšepahalang Moreneng”

“Ngoana oa ka ea Ratoang le ea Tšepahalang Moreneng”

TIMOTHEA o ne a tsamaea a iketlile ha a tloha lapeng habo, a shebile pele. Batho bao a neng a tsamaea le bona ba ne ba mo eteletse pele ha ba feta libakeng tseo a neng a li tloaetse. O ne a ntse a suthela hōle le motse oa Lystra, o neng o le holim’a leralla le ka har’a phula. Timothea o ne a bososela ha a hopola ’mè oa hae le nkhono oa hae ha ba ne ba mo talimile ba le motlotlo empa ba itiisitse hore ba se ke ba lla. Na o ile a nahana hore a hetle, a phahamise letsoho ’me a ba salise hantle ka lekhetlo la ho qetela?

Moapostola Pauluse o ne a sheba Timothea khafetsa a bososela e le hore a mo khothatse. O ne a tseba hore Timothea o ne a le lihlong, empa a khahloa ke tsela eo a chesehelang tšebeletso ka eona. Timothea o ne a sa le mocha, mohlomong a habile ho ba lilemo li 20 kapa a li fetile hanyane, a hlompha Pauluse haholo a bile a mo rata. O ne a nka leeto lena le lelelele le motho ea sehlahlo, ea bileng a tšepahalang. Ba ne ba tla tsamaea ka maoto le ka sekepe ’me ha ba le tseleng, ba tobane le likotsi tse ngata. Timothea o ne a sa tsebe hore na o sa tle ke a khutlele habo.

Mohlankana eo o ile a susumetsoa ke’ng hore a ithaopele ho phela bophelo bo joalo? Bophelo boo bo ne bo tla mo tsoela molemo joang? Hona tumelo ea Timothea e ka ama ea rōna joang?

“HO TLOHA BOSEENG”

A re ke re nahaneng ka se ileng sa etsahala lilemong tse peli kapa tse tharo tse fetileng Lystra, e leng moo ho bonahalang eka e ne e le ha habo Timothea. Lystra e ne e le motsana oa mahaeng o ka har’a phula e sebakeng se ratoang ke pula. E ka ’na eaba batho ba teng ba ne ba utloisisa Segerike, empa ba ntse ba bua puo ea bona, e leng Selykaonia. Ka letsatsi le leng ho ile ha tsoha moferefere motsaneng ona o khutsitseng. Baromuoa ba babeli ba Bakreste, e leng moapostola Pauluse le Barnabase ba ile ba fihla ba tsoa Ikoniamo, e leng motse o moholoanyane o haufi. Ha ba ntse ba ruta batho phatlalatsa, Pauluse o ile a bona monna ea holofetseng eo ho neng ho totobetse hore o na le tumelo ea ’nete. Eaba o mo folisa ka mohlolo!—Liketso 14:5-10.

Ho totobetse hore batho ba bangata ba Lystra ba ne ba lumela litšōmo tse neng li etsoa mehleng eo tsa hore melimo e kile ea iphetola batho eaba e tla sebakeng seo. Kahoo ba ile ba nahana hore Pauluse ke Hermese ’me Barnabase ke Zeuse! Ha hoa ka ha e-ba bonolo hore Bakreste bana ba ikokobelitseng ba thibele batho bao ho ba etsetsa mahlabelo.—Liketso 14:11-18.

Leha ho le joalo, ho na le batho ba Lystra ba seng bakae ba sa kang ba nka hore baromuoa bana ke melimo e tsoang sebakeng sa moea empa ba nka hore ke batho ba ba tliselitseng molaetsa oa bohlokoa. Ka mohlala, e tlameha ebe Eunise, e leng mosali oa Mojuda ea nyetsoeng ke monna oa Mogerike * ea sa lumelang, hammoho le ’mè oa hae, Loise, ba ile ba mamela Pauluse le Barnabase ka tjantjello le ka thabo e khōlō. Litaba tseo ba neng ba li mametse ke tseo Mojuda e mong le e mong ea tšepahalang a neng a labalabela ho li utloa, tsa hore Mesia o qeteletse a fihlile ’me a phethahalitse boprofeta bo bongata bo hlahang ka Mangolong!

Ak’u inahanele feela hore na Timothea o ile a ikutloa joang ha Pauluse a mo etetse. Timothea o ne a  rupetsoe “ho tloha boseeng” hore a rate Mangolo a Bibele a Seheberu. (2 Timothea 3:15) O ne a lumela hore Pauluse le Barnabase ba bua ’nete mabapi le Mesia feela joaloka ’mè oa hae le nkhono oa hae. Hape nahana ka monna ea holofetseng eo Pauluse a ileng a mo folisa. E tlameha ebe ho tloha bonyenyaneng Timothea o ne a tloaetse ho bona monna eo literateng tsa Lystra. Joale o ne a qala ho mo bona a tsamaea! Ha ho makatse hore Timothea e ile ea e-ba Mokreste joaloka Eunise le Loise. Ho fihlela kajeno, bo-nkhono le bo-ntate-moholo hammoho le batsoali ba ka ithuta ho hongata ho Loise le Eunise. Na u ka ba le tšusumetso e ntle ho bacha?

“KA MATŠOENYEHO A MANGATA”

E tlameha ebe batho bao e ileng ea e-ba Bakreste Lystra ba ile ba thaba ha ba utloa ka tšepo eo balateli ba Kreste ba neng ba e-na le eona. Empa hape ba ile ba elelloa hore ba ne ba tla hlorisoa haeba e e-ba barutuoa ba Jesu. Bajuda ba Ikoniamo le ba Antioke ba chesehelang bolumeli ka ho feteletseng, ba ile ba tla motsaneng oo ’me ba hlohlelletsa batho hore ba hanyetse Pauluse le Barnabase. Ho e-s’o ee kae, matšoele a befileng a ne a setse Pauluse morao, a mo otla ka majoe. A ile a mo otla ho fihlela a oela fatše. A mo hulela ka ntle ho motse eaba a mo siea moo a nahana hore o shoele.—Liketso 14:19.

Leha ho le joalo, barutuoa ba Lystra ba ile ba ea ho Pauluse ’me ba mo pota-pota. E tlameha ebe ba ile ba thaba haholo ha ba bona a sisinyeha, a phahama ’me ka sebete a khutlela Lystra. Letsatsing le latelang o ile a tsamaea le Barnabase ba ea motseng oa Derbe moo ba ileng ba tsoela pele ho bolella batho molaetsa oa lentsoe la Molimo. Ha ba se ba entse barutuoa le sebakeng seo, ba ile ba khutlela Lystra le hoja ho ne ho le kotsi ho etsa joalo. Eaba ho etsahala’ng? Bibele e re: “Ba matlafatsa . . . barutuoa, ba ba khothaletsa ho lula tumelong.” Ak’u nahane feela Timothea e mocha a mametse ka hloko ha Pauluse le Barnabase ba ruta Bakreste bao hore ke habohlokoa hore ba mamelle mahloriso e le hore nakong e tlang ba fumane moputso oa bona o babatsehang. Ba ile ba re: “Re tla kena ’musong oa Molimo ka matšoenyeho a mangata.”—Liketso 14:20-22.

Timothea o ile a nka ka ho teba seo Pauluse a neng a mo ruta sona

Timothea o ne a ile a bona ha Pauluse a phelela mantsoe ao ’me a talimana le mahloriso ka sebete e le hore a bolelle batho molaetsa oa lentsoe la Molimo. Kahoo, o ne a tseba hore haeba a latela mohlala oa Pauluse, batho ba Lystra ho akarelletsa le ntate oa hae ba ne ba tla mo hanyetsa. Empa Timothea o ne a sa ikemisetsa ho lumella khatello e joalo hore e mo susumelletse ho fetola qeto ea hae ea ho sebeletsa Molimo. Kajeno ho na le bacha ba bangata ba tšoanang le Timothea. Ka bohlale ba batla metsoalle e  nang le tumelo e matla e tla ba khothatsa e be e ba matlafatse. Ha ba lumelle khanyetso hore e ba furallise tšebeletso ea Molimo oa ’nete.

“O NE A BUUOA HANTLE KE BARAB’ABO RŌNA”

Joalokaha ho bontšitsoe pejana, ho ka etsahala hore ebe Pauluse o ile a boela a ea Lystra ka mor’a lilemo tse peli kapa tse tharo. Nahana feela hore na e ne e le thabo e kaakang lelapeng labo Timothea ha Pauluse a fihla a e-na le Silase. E tlameha ebe Pauluse le eena o ne a thabile haholo. O ne a ka bona kamoo peō ea ’nete eo a ileng a e jala Lystra e behileng litholoana kateng. O ile a fumana Loise le Eunise, morali oa hae, e se e le Bakreste ba tšepahalang ba nang le “tumelo . . . e se nang boikaketsi” e ileng ea mo khahla. (2 Timothea 1:5) Empa Timothea eena o ne a le matla hakae tumelong?

Pauluse o ile a elelloa hore mohlankana enoa o hatetse pele ho feta nakong e fetileng ha a ne a le Lystra. Timothea “o ne a buuoa hantle ke barab’abo rōna” ba Lystra le ba Ikoniamo e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 32 ka leboea-bochabela. (Liketso 16:2) Ke eng e ileng ea etsa hore a be le botumo bo joalo?

“Lingoliloeng tse halalelang” tseo ’mè oa Timothea le nkhono oa hae ba neng ba mo rutile tsona “ho tloha boseeng,” li akarelletsa likeletso tse ka tsoelang bacha molemo. (2 Timothea 3:15) E ’ngoe ea tsona e re: “U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo, hona joale, matsatsing a bohlankana ba hao.” (Moeklesia 12:1) Timothea o ile a nka mantsoe ao ka ho teba ha e se e le Mokreste. O ile a bona hore e ’ngoe ea litsela tse molemo ka ho fetisisa tseo a ka hopolang ’Mōpi oa hae e Moholo ka tsona ke ho bolella batho molaetsa o buang ka Mora oa Molimo, e leng Kreste. Ha nako e ntse e ea o ile a ithuta ho hlōla lihlong tse neng li mo sitisa ho bolella batho molaetsa o mabapi le Jesu Kreste.

Banna ba etellang pele ka phuthehong ba ile ba elelloa hore Timothea o hatela pele hantle. Ha ho pelaelo hore ba ile ba khahloa ke tsela eo mocha enoa a neng a khothatsa le ho matlafatsa bohle bao a neng a e-ba le bona. Leha ho le joalo, ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore boitšoaro ba Timothea bo ile ba khahla Jehova. O ile a bululela boprofeta bo buang ka eena. Mohlomong bo bua ka tšebeletso eo ka letsatsi le leng a neng a tla e etsa liphuthehong tse ngata. Nakong eo Pauluse a neng a etile, o ile a bona hore Timothea a ka mo thusa ha a tsamaea le eena maetong a boromuoa. Barab’abo rōna ba Lystra ba ile ba lumellana le eena. Ba ile ba beha Timothea matsoho, ho bontša hore o khethetsoe ho sebeletsa Jehova Molimo ka tsela e khethehileng.—1 Timothea 1:18; 4:14.

E tlameha ebe Timothea o ile a hlolloa a ba a ikutloa a le mosesaane ha a fuoa boikarabelo bo bokaalo! O ne a ikemiselitse ho tsamaea. * Leha ho le joalo, ebe ntate oa hae ea sa lumelang o ile a ikutloa joang ha e se e le moromuoa? Mohlomong o ne a batla hore mora oa hae a etse lintho tse itseng ho lokisetsa bokamoso. ’Mè oa hae le nkhono oa hae bona ba ne ba batla hore a etse’ng? Na ba ne ba le motlotlo, empa ba sa batle ho bontša hore ba tšoenyehile ka tšireletseho ea hae? Ke ho utloahalang hore ebe ba ile ba ikutloa ka tsela eo.

Ho sa tsotellehe sena sohle, Timothea o ile a tsamaea. Hoseng ha letsatsi leo ho buuoeng ka lona qalong ea sehlooho sena, o ile a ikhethela ho tsamaea le moapostola Pauluse. Ha a tloha Lystra, o ne a ntse a suthela hōle le habo, a ea moo a sa tsebeng. Banna bana ba bararo ba ile ba tsamaea ka maoto letsatsi lohle ’me ba fihla Ikoniamo ha letsatsi le likela. Timothea o ile a hlokomela kamoo Pauluse le Silase ba neng ba bolella balumeli ba Ikoniamo litaelo tse tsoang ho sehlopha se busang se Jerusalema ’me ba ikitlaelletsa ho matlafatsa tumelo ea bona. (Liketso 16:4, 5) Empa seo e ne e le qalo feela.

Ha baromuoa bana ba tloha liphuthehong tsa Galatia, ba ile ba furalla litsela tse khōlō tsa Roma tse katiloeng ka majoe ’me ba tsamaea sebaka se selelele ba haola le lithota tsa Frigia, ba lebile leboea ba ntan’o leba bophirimela. Kaha ba ne ba latela tataiso ea moea o halalelang oa Molimo ka linako tsohle, ba ile ba leba Troase, ba ntan’o ea Macedonia ka sekepe. (Liketso 16:6-12) Ka nako eo Pauluse o ile a latsoa melemo ea ho tsamaea le Timothea. Kahoo a mo siea le Silase Berea. (Liketso 17:14) O ile a ba a romela  mohlankana enoa a le mong Thesalonika. Ha Timothea a le moo o ile a latela mohlala oa Pauluse le Silase eaba o matlafatsa Bakreste ba phutheho eo.—1 Bathesalonika 3:1-3.

Hamorao ha Pauluse a bua ka Timothea o ile a re: “Ha ke na e mong ea nang le boikutlo bo kang ba hae eo kannete a tla hlokomela lintho tse le amang.” (Bafilipi 2:20) Ha hoa ka ha itlela feela hore Timothea a be le botumo bo joalo. O ile a bo fumana ka hore a sebetse ka thata, a ikokobetse a be a mamelle ka botšepehi le har’a mathata. Ruri ke mohlala o motle ho bacha. Le ka mohla u se ke ua lebala hore liketso tsa hao li rera hore u tla ba le botumo bo joang. Haeba u sa le mocha, u na le monyetla oa ho iketsetsa botumo bo botle ka hore u etelletse Jehova Molimo pele bophelong ba hao le ka hore u be mosa u be u hlomphe ba bang.

“ETSA SOHLE SE MATLENG A HAO HORE U TLE HO ’NA”

Timothea o ile a itella tšebeletso ea Bokreste ho tloha bocheng

Timothea o ile a tsamaea le motsoalle oa hae moapostola Pauluse ka lilemo tse ka bang 14. O bile le eena linakong tse monate le tse bohloko. (2 Bakorinthe 11:24-27) Timothea o ile a ba a tšoaroa ka lebaka la tumelo ea hae. (Baheberu 13:23) O ne a rata bara le barali babo ka ho teba a bile a amehile ka bona joaloka Pauluse. Kahoo Pauluse o ile a mo ngolla a re: “Ke hopola meokho ea hao.” (2 Timothea 1:4) Timothea o ne a tšoana le Pauluse kaha o ne a ithutile ho ‘lla le batho ba llang,’ a ba utloela bohloko e le hore a ba khothatse le ho ba tšelisa. (Baroma 12:15) E se eka kaofela ha rōna re ka mo etsisa!

Ha ho makatse hore ebe ha nako e ntse e ea Timothea e ile ea e-ba molebeli oa Mokreste ea ikhethang. Pauluse o ile a mo fa boikarabelo ba ho etela liphutheho le ho li matlafatsa a ba a mo fa boikarabelo ba ho khetha banna ba tšoanelehelang ho ba baholo le bahlanka ba sebeletsang.—1 Timothea 5:22.

Pauluse o ne a rata Timothea joalokaha eka ke ngoan’a hae ’me a mo fa likeletso tse molemo. O ile a mo khothalletsa hore a ikitlaelletse ho ba le litšoaneleho tsa moea le ho ntlafatsa tsebo ea hae e le hore a hatele pele. (1 Timothea 4:15, 16) A boela a mo khothalletsa hore le ka mohla a se ke a ikhalala hobane a le mocha empa a emele ’nete ka tieo a sa tšabe. (1 Timothea 1:3; 4:6, 7, 11, 12) Pauluse o ile a ba a eletsa Timothea hore na a etse joang ha a kula mohlomong a tšoaroa ke mala khafetsa.—1 Timothea 5:23.

Ho ile ha fihla nako eo Pauluse a neng a bona hore o haufi le ho bolaoa. O ile a ngolla Timothea lengolo la ho qetela leo a le ngotseng a le tlas’a tšusumetso ea moea o halalelang. Le ne le e-na le mantsoe ana a amang maikutlo: “Etsa sohle se matleng a hao hore u tle ho ’na haufinyane.” (2 Timothea 4:9) Pauluse o ne a rata Timothea haholo; o ile a re ke “ngoana oa ka ea ratoang le ea tšepahalang Moreneng.” (1 Bakorinthe 4:17) Hase feela a neng a batla hore motsoalle enoa oa hae a tle ho eena, nakong ena eo a seng a le haufi le ho shoa! Kaofela re ka ipotsa potso ena, ‘Na batho ba ka ntšepela hore ke ba khothatse ha ba le mathateng?’

Na Timothea o ile a fihla ho Pauluse ka nako? Ha re tsebe. Seo re se tsebang ke hore kamehla o ne a etsa sohle se matleng a hae ho khothatsa Pauluse le ba bang ba bangata. Timothea o ile a phelela lebitso la hae le bolelang “Ea Hlomphang Molimo.” O sietse bacha le batho ba hōlileng mohlala o motle oa tumelo.

^ ser. 9 Sheba sehlooho se reng, “Re U Lome Tsebe?” makasineng ena.

^ ser. 20 Timothea o ile a ba a ikemisetsa ho bolla ha Pauluse a mo kōpa; e ne e se hobane Bakreste ba tlameha ho bolla empa hobane Pauluse a sa batle hore Bajuda ba be le mabaka leha e le afe a ho hanela mohlankana enoa eo ntate oa hae e leng Molichaba ho ba har’a bona.—Liketso 16:3.