Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE | NA SAENSE E NKETSE BIBELE SEBAKA?

Saense Hase Makhona-tsohle

Saense Hase Makhona-tsohle

Morao tjena, ho se ho e-na le libuka tse ’maloa tse reng Molimo ha a eo. Libuka tsena li khahla batho ba bangata ’me ho buuoa ka tsona haholo. Ha rasaense ea bitsoang David Eagleman a bua ka tsona o re: “Babali ba bang. . . ba lumela hore bo-rasaense ba tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Empa bo-rasaense ba sebele baa tenyetseha kaha nako le nako ba sibolla lintho tse ncha.”

Ho theosa le lilemo, bo-rasaense ba nang le boiphihlelo ba hatetse-pele ka tsela e hlollang liphuputsong tsa bona tse mabapi le tlhaho. Leha ho le joalo, ba bang ba entse liphoso tse khōlō lipatlisisong tsa bona. Isaac Newton ke e mong oa bo-rasaense ba hlaheletseng ka mahetla. O bontšitse kamoo matla a khoheli a kopanyang lipolanete, linaleli le lihlopha tsa tsona kateng hore e be bokahohle bo le bong. O ile a qapa thuto ea calculus, e leng mofuta oa lipalo o sebelisoang ha ho etsoa lik’homphieutha, lifofane tse isang batho sepakapakeng le saenseng ea nyutlelie. Leha ho le joalo, Newton o ile a boela a ithuta alchemy, e leng thuto eo ho neng ho thoe ke ea saense e sebelisang bonohe le boselamose e le hore a fetole loto le litšepe tse ling hore e be khauta.

Lilemo tse fetang 1 500 pele ho mehla ea Newton, setsebi sa linaleli sa Mogerike se bitsoang Ptolemy se ile sa hlahlobisisa sepakapaka se sa sebelise libonela-hōle. Se ne se hlahloba lipolanete bosiu se bile se tseba ho etsa limmapa. Empa se ne se lumela hore lefatše le bohareng ba sepakapaka. Ha setsebi sa linaleli se bitsoang Carl Sagan se bua ka Ptolemy se ile sa re: “Taba ea hore batho ba ’nile ba lumela khopolo ena e fosahetseng ka lilemo tse ka bang 1 500, e bontša hore le litsebi li ka fosa.”

Kajeno bo-rasaense ba na le ho etsa liphoso tse kang eo ha ba etsa lipatlisiso. Na ba sa tla ke ba tsebe bokahohle ka ho feletseng? Le hoja re lokela ho ananela tsoelo-pele eo saense e e entseng le melemo eo e re tliselitseng eona, ha rea lokela ho lebala hore hase makhona-tsohle. Rasaense ea bitsoang Paul Davies o ile a re: “Ho ke ke ha etsahala hore batho ba utloisise bokahohle ka ho feletseng le hore ba bo hlalose ka tsela e tšoanang.” Ka mantsoe a mang re ka re: Batho ba ke ke ba utloisisa bokahohle ka ho feletseng. Kahoo, le hoja batho ba bangata ba ka ’na ba re saense ke makhona-tsohle, ke ho utloahalang ho hopola hore bo-rasaense ba ka fosa.

Ka sebele Bibele e ka re thusa ho feta saense

Ha Bibele e bua ka pōpo e hlollang ea Molimo e re: “Bonang! Tsena ke linyane feela tsa litsela tsa hae, ke mohoeshetso o mokaakang o utloiloeng ka eena!” (Jobo 26:14) Ho sa na le lintho tse ngata tseo batho ba sa li tsebeng. Ruri moapostola Pauluse o ne a opile khomo lenaka ha a ne a re: “O! botebo ba maruo le bohlale le tsebo ea Molimo! Likahlolo tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa hakaakang ’me litsela tsa hae ke tse ke keng tsa fuputsoa hakaakang!”—Baroma 11:33.