Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jesu o ne a Ikutloa Joang ka Lipolotiki?

Jesu o ne a Ikutloa Joang ka Lipolotiki?

 Jesu o ne a Ikutloa Joang ka Lipolotiki?

BANGLOLI ba Likosepele ba pheta liketsahalo tse ’maloa moo Jesu a ileng a tobana le boemo ba hore na o lokela ho nka lehlakore lipolotiking. Ka mohlala, nakoana ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, ha a le lilemo tse ka bang 30, Diabolose o ile a tšepisa ho mo etsa ’musi oa lefatše. Ha a ntse a tsoela pele ka tšebeletso, letšoele le ile la batla ho mo etsa morena. Hamorao, batho ba ile ba ’na ba leka ho mo etsa ralipolotiki. Jesu o ile a etsa’ng? A re ke re hlahlobe liketsahalo tsena.

’Musi oa lefatše. Likosepele li bolela hore Diabolose o ile a tšepisa ho fa Jesu “mebuso eohle ea lefatše.” Nahana feela hore na Jesu a ka be a ile a etsetsa moloko oa batho o mahlomoleng lintho tse molemo joang hoja e ile ea e-ba ’musi oa lefatše! Ke ralipolotiki ofe ea amehileng ka ho thusa batho e le kannete ea ka hanang monyetla o joalo? Empa Jesu o ile a o hana.—Matheu 4:8-11.

Morena. Batho ba bangata mehleng ea Jesu ba ne ba labalabela ho ba le ’musi ea tla rarolla mathata a bona a moruo le a lipolotiki. Ha ba bona lintho tseo Jesu a neng a khona ho li etsa, ba ile ba batla hore a be le seabo lipolotiking. O ile a etsa’ng? Mongoli oa Kosepele Johanne o re: “Jesu, ka ho tseba hore ba haufi le ho mo tšoara hore ba mo etse morena, a boela a tloha a ea thabeng a le mong feela.” (Johanne 6:10-15) Ho hlakile hore Jesu o ile a hana ho itšunya-tšunya lipolotiking.

Ralipolotiki. Hlokomela se ileng sa etsahala matsatsi pele Jesu a bolaoa. Barutuoa ba Bafarisi, ba neng ba batla ho tsoa tlas’a Puso ea Baroma, ba e-na le Maheroda, e leng mokhatlo oa lipolotiki o neng o tšehetsa Baroma, ba ile ba ea ho Jesu ho ea bua le eena. Ba ne ba batla ho mo qobella hore a nke lehlakore lipolotiking. Ba ile ba mo botsa hore na Bajuda ba lokela ho lefa lekhetho la ’muso oa Roma na.

Mareka o ile a tlaleha seo Jesu a ileng a se bua ha a ba araba: “‘Le ntekela’ng? Ntlisetseng denari ke e bone.’ Ba e tlisa. ’Me a re ho bona: ‘Setšoantšo le mongolo oo ke tsa mang?’ Ba re ho  eena: ‘Ke tsa Cesare.’ Joale Jesu a re: ‘Lefang Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.’” (Mareka 12:13-17) Ha e hlalosa hore na hobane’ng Jesu a ile a araba ka tsela e joalo, buka ea Church and State—The Story of Two Kingdoms, e re: “O ile a hana ho ba mesia oa lipolotiki ’me o ne a utloisisa hantle meeli ea ho mamela Cesare le Molimo.”

Hase hore Kreste o ne a sa tsotelle mathata a batho a kang bofutsana, bobolu le ho hloka toka. Ha e le hantle, Bibele e bontša hore o ne a amehile ka ho teba ka boemo bo haulang ba batho ba neng ba mo potolohile. (Mareka 6:33, 34) Ho ntse ho le joalo, Jesu ha aa ka a tsoa letšolo la ho felisa ho hloka toka ho teng lefatšeng, le hoja ba bang ba ile ba leka ka matla ho etsa hore a kenelle litsekisanong tsa mehleng eo.

Ho hlakile hore joalokaha mehlala ena e bontša, Jesu o ile a hana ho kenella lipolotiking. Empa ho thoe’ng ka Bakreste kajeno? Na ba lokela ho kenella lipolotiking?