Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bophelo ba Mehleng ea Bibele—Sehoai

Bophelo ba Mehleng ea Bibele—Sehoai

 Bophelo ba Mehleng ea Bibele—Sehoai

“[Jesu] a re ho barutuoa ba hae: ‘E, kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae. Ka hona, le kōpe Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.’”—MATHEU 9:37, 38.

HANGATA Jesu o ne a etsa lipapiso ka temo le lisebelisoa tsa ho lema ha a ruta lithuto tsa bohlokoa. (Matheu 11:28-30; Mareka 4:3-9; Luka 13:6-9) Hobane’ng? Hobane o ne a lula moo ho neng ho iphelisoa ka temo. Batho ba bangata ba neng ba mo mamela ba ne ba tloaelane le mekhoa ea ho lema e ’nileng ea sebelisoa ka lilemo tse makholo. Ba ne ba utloisisa mehlala eo a neng a e etsa ea mesebetsi ea bona ea letsatsi le letsatsi. Jesu o ne a utloisisa maemo a bona hantle ’me seo a neng a se ruta se ne se ba ama haholo.—Matheu 7:28.

Re ka ananela lipapiso tsa Jesu le ho feta le litlaleho tse ling tsa Bibele haeba re ka tseba ho se hokae ka lihoai tsa lekholong la pele la lilemo—limela tseo li neng li li jala, lithulusi tseo li neng li li sebelisa le mathata ao li neng li kopana le ’ona.

Ak’u tsamaee le sehoai sa mehleng ea Bibele ha se ea mosebetsing oa sona u bone. Bala litemana tse bontšitsoeng mona ’me u bone hore na u ka ithuta’ng.

Nako ea ho Lema

Sehoai se ema monyako oa ntlo, se beha letsoho phatleng ho sireletsa mahlo a sona letsatsing la hoseng ebe se hema moea o mongobo oa hoseng. Lipula li thapisitse mobu o neng o chesitsoe ke letsatsi. Joale nako ea ho lema e se e fihlile. Se nka mohoma o bobebe oa lehong se o beha lehetleng ebe se leba masimong.

Ha se le moo, sehoai se bokella lipholo, sea li pana ebe se li hlaba ka tsenene hore li kene temeng.  Mohoma oa tšepe o khirila tšimo e tletseng majoe. Ha o phethole mobu empa o seha mela feela kapa liforo (1). Sehoai se ntse se thiba mohoma hore o se ke oa tsoa temeng, se sitoa ho etsa mola o otlolohileng hantle—ha se hetle, ho seng joalo se tla lema libanka. (Luka 9:62) Se lokela ho seha mela moo ho tšoailoeng le ho etsa bonnete ba hore se sebelisa tšingoana ea sona ka botlalo.

Joale ha tšimo e se e sehiloe mela tjena, sehoai se ka qala ho jala. Sehoai se tšoara mokotla oa harese ka letsohong le leng, ebe ka le leng se hasa peō se ntse se isa letsoho pele le morao (2). Ho na le likarolo tse sa lengoang tšimong, kahoo se lokela ho tiisa hore se hasa peō “mobung o motle.”—Luka 8:5, 8.

Ka mor’a ho jala, masimo aa ekhoa. Sehoai se hokella makala a sefate sa leoka lipholong ebe lipholo li a hulanya holim’a masimo. Linonyana li phallela tšimong ka bongata ebe li ja peō pele mobu o ka e koahela. Hamorao, sehoai se sebelisa mohoma oa letsoho (3) ho thuha makote le ho tlosa lehola le ka ’nang la sitisa lijalo ho hōla.—Matheu 13:7.

Nako ea ho Kotula

Joale ho feta likhoeli. Lipula lia na. Lihloohoana tsa harese e seng e butsoitse li qala ho hlahella letsatsing ’me masimo aa soeufala.—Johanne 4:35.

Nako ea ho kotula e phathahanya sehoai le lelapa la sona haholo. Mokotuli o tšoara ngata ea harese ka letsoho la hae le letšehali ebe o e hela ka sekele ka letsoho le letona (4). Ba bang ba bokella mangata ao ebe baa tlama (5), ba a jarisa liesele kapa ba a palamisa likariking (6) tse tla a isa seotlong motseng.

Letsatsi le chesang le tšoana le lehakoe bohareng ba leholimo le hlakileng. Lelapa le phomola ka nakoana tlas’a moriti oa sefate sa feiga. Le qoqa le ho tšeha hamonate ha le ntse le ja lijo tse bobebe tse kang bohobe, lijo-thollo tse omisitsoeng, mohloaare, mangangajane a feiga le a morara. Ebe le theolela ka ho momorotsa metsi a seliba.—Deuteronoma 8:7.

Masimong a haufi, batho ba khoahlapisang ba bokella harese e setseng (7). Ba bang ba futsanehile ’me ha ba na masimo.—Deuteronoma 24:19-21.

 Hamorao, seotlong motseng, sehoai se qhalakanya mangata lebatong sebakeng se phahameng. Likhomo li hula leloala li ntse li potoloha holim’a mangata (8). (Deuteronoma 25:4) Majoe a bohale le litšepe tse fasitsoeng ka tlas’a leloala li sila litlhaka.

Sehoai se emela moea oa mantsiboea hore o foke. (Ruthe 3:2) Mantsiboea se nka fereko ea lehong, kapa ‘kharafu ea ho olōsa’ (9), se e kenya tlas’a litlhaka ebe se li hasa moeeng. (Matheu 3:12) Kaha lithollo li boima, li oela fatše ’me ’mōkō kaha o bobebe, o fefoloa ke moea. Se etsa sena ka makhetlo ho fihlela se olōsitse lijo-thollo kaofela.

Ha letsatsi le chaba, mosali oa sehoai le barali ba hae ba qala ho tšeka lithollo (10). Ba hlokohla lisefe tse tšetseng lijo-thollo tse tsoakaneng le mahlohlojane. Lijo-thollo li oela ka har’a seroto ’me tsohle tse sa lokang li khetheloa ka thōko. Ho bile le chai. Basebetsi ba boloka lijo-thollo tse ling ka linkhong (11). Tse ling li tšeloa ka lisiung.

Sehoai se ema seotlong, se ikotlolla mesifa e khathetseng ebe se sheba masimo a potolohileng motse. Se talima masimo ana a koahetsoeng ke litlhaka tse thokoa se khotsofetse—se bona bopaki ba mosebetsi o boima o nkileng matsatsi. Se talima basebetsi ba hlokometseng masimo a lifate tsa morara, tsa mohloaare, tsa kharenate le tsa feiga. Moahelani o phahamisa letsoho oa lumelisa ’me o tsoela pele ka ho lema seratsoana sa hae. Seratsoaneng seo o tla kotula likomkomere, lensisi, linaoa, liliki, lierekisi le eiee. Sehoai se ema hanyenyane, se lelatsa hlooho ebe se etsa thapelo e khutšoanyane e tsoang botebong ba pelo, se leboha Molimo ka limpho tse molemo tseo A fanang ka tsona.—Pesaleme ea 65:9-11.

[Litšoantšo tse leqepheng la 28-30]

(Sheba sengoliloeng)